Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 5:3 - Baasraak Sotho NT

3 Petrose a re: Ananiase, ke ka baka lang Satane a tlatsitse pelo ya hao ho thetsa Moya o Halalelang, le ho itshiela karolo ya theko ya tshimo?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Empa Petrose a re: Ananiase, na Satane o hapile pelo ya hao jwang, hore o etse leshano ho Moya o Halalelang, le ho ikarolela theko ya tshimo ka nqa e nngwe na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Yaba Petrose o re: “Ananiase, ke ka baka lang Satane a keneng pelong ya hao hore o thetse Moya o Halalelang, mme o itshiele karolo ya tjhelete ya thekiso ya tshimo?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Petrose a re: Ananiase, ke ka baka lang Satane a tlatsitse pelo ya hao ho thetsa Moya o Halalelang, le ho itshiela karolo ya theko ya tshimo?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 5:3
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E mong le e mong ha a utlwa lentswe la mmuso, mme a sa le utlwisise, e mobe o a tla, a mo hlokisa se jetsweng pelong ya hae. Enoa ke eena ea jetsoeng pel’a tsela.


Yaba Satane o kena ho Judase ya bitswang Iskariota, e mong wa ba leshome le metso e mmedi.


Eitse ha selallo se fela, Diabolose o se a kentse pelong ya Judase Iskariota, mora Simone, hore a mo eke.


Eitse hobane a qete sengwathwana, Satane a kena ho yena. Yaba Jesu o re ho yena: Seo o se etsang, o se etse kapele.


Mme a boloka karolo ya theko, le mosadi wa hae a tseba, a tlisa karolo e nngwe, a e bea maotong a baapostola.


Ha e sa ntse e le teng, na e ne e se ya hao na? le hoba e rekiswe, na e ne e se matleng a hao na? Ke ka baka lang o hopotseng taba e ka pelong ya hao? ha o a etsa leshano ho batho, empa o etseditse Modimo.


Petrose a re ho yena: “Ke ka baka lang ha le dumellane ho leka Moya wa Morena? bona, maoto a ba epetseng monna wa hao a monyako, mme ba tla o isa kantle.


Ka baka leo, ipeeng tlasa Modimo. Hanyetsang Diabolose, mme o tla le balehela.


Le hlaphohelwe, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a potoloha jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ