Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diketso 1:2 - Baasraak Sotho NT

2 Ho fihlela letsatsi leo a nyolotsweng ka lona, ka Moya o Halalelang a laetse baapostola bao a neng a ba kgethile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 ka di fihlisa letsatsing leo a nyoloseditsweng lehodimong ka lona, hobane a laele, ka Moya o Halalelang, baapostola bao a ba kgethileng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 ho fihlela ka letsatsi leo a neng a nyollelwe lehodimong ka lona, kamora hoba, ka matla a Moya o Halalelang, a laele baapostola bao a neng a ba kgethe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ho fihlela letsatsi leo a nyolotsweng ka lona, ka Moya o Halalelang a laetse baapostola bao a neng a ba kgethile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diketso 1:2
50 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ha ke leleka batemona ka Moya wa Modimo, mmuso wa Modimo o fihlile ho lona.


Eitse hobane Jesu a kolobetsoe, a phakisa a tswa ka metsing, mme bonang, mahodimo a phetlwa ho yena, mme a bona Moya wa Modimo o theoha jwaloka leeba, o theohela hodima hae.


Baapostola ba phuthehela ho Jesu, ba mmolella tsohle tseo ba di entseng, le tseo ba di rutileng.


Eitse ha a ntse a ba hlohonolofatsa, a tloha ho bona, a nkelwa lehodimong.


Yare ha nako ya ho nyollwa ha hae e fihla, a ikemisetsa ho ya Jerusalema.


Mme ho botlalo ba hae re amohetse mohau hodima mohau.


Eitse ha Jesu a tsebile pele ho mokete wa Paseka, hore nako ya hae e tlile ya ho tloha lefatsheng lena, ho ya ho Ntate, a ratile ba hae ba lefatsheng, a ba rata ho isa qetellong.


Jesu a tseba hobane Ntatae o neetse tsohle matsohong a hae, le hobane o ne a etswa ho Modimo, mme a ya ho Modimo;


Ke tswile ho Ntate, mme ke tlile lefatsheng;


Jwale ke tla ho wena; mme taba tseo ke di bolela ke sa le lefatsheng, hore ba tle ba be le thabo ya ka e phethehileng ho bona.


Jesu a re ho yena: O se ke wa ntshwara; hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate; le ho Modimo wa ka, le Modimo wa lona.


Jesu a boela a re ho bona: Kgotso e be le lona;


Hobane eo Modimo o mo romileng, o bolela dipolelo tsa Modimo;


Le tla reng, ha le ka bona Mora motho a nyolohela moo a neng a le teng pele?


Jesu a ba araba, a re: Na ha ke a ka ka le kgethela lona ba leshome le metso e mmedi, athe e mong wa lona ke diabolosi?


Ba re: Banna ba Galelea, le emetseng le lelaletse lehodimong? Jesu enoa ea nketsoeng leholimong ho tsoa ho lōna, o tla tla ka mokhoa oo le mo boneng a ea leholimong ka oona.


Yare hobane ba kene hae, ba hlwella phaposing e kahodimo, moo ho neng ho dula Petrose, le Jakobo, le Johanne, le Andrease, le Filipi, le Thomase, le Bartholome, le Mattheu, le Jakobo, mora Alfea, le Simone Selote, le Judase, mora Jakobo.


Ho qala ka kolobetso ya Johanne, ho isa letsatsing leo a nyolotsweng ho rona ka lona, e ka kgona e mong a bewe ho ba paki ya tsoho ya hae le rona.


Eitse hobane a bolele taba tseo, ba ntse ba tadimile, a nkelwa hodimo; mme leru la mo tlosa mahlong a bona.


Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.


Ke le Pauluse, moapostola, eo e seng wa batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Modimo Ntate, ya mo tsositseng bafung;


mme le hahilwe hodima motheo wa baapostola le baporofeta, Jesu Kreste ka sebele sa hae ke lejwe la ntlha la motheo;


Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.


Hobane Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, seo e leng setshwantsho sa sehalalelo sa nnete; empa o kene lehodimong ka bolona, hore a tle a bonahale jwale pela sefahleho sa Modimo bakeng sa rona.


Ke yena ya nyolohetseng lehodimong, mme a ka letsohong le letona la Modimo; mangeloi le balaodi le ba matla di behilwe katlasa hae.


Le tle le hopole dipolelo tse boletsweng e sa le pele ke baporofeta ba halalelang, le ditaelo tsa Morena le Mopholosi wa rona.


Tshenolo ya ga Jesu Keresete, e Modimo o e mo neileng, go bontsha batlhanka ba ona dilo tse di tshwanetseng go akofa di dirafala; mme a romela ka lengeloi la hae ho Johanne mohlanka wa hae.


Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang a ke ke a etswa hampe ke lefu la bobedi.


Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, mme ke tla mo fa lejwe le lesweu, mme lejweng leo ho ngotswe lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ya le amohelang.


Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang ke tla mo fa ho ja sefate sa bophelo, se kahara paradeise ya Modimo.


Lerako la motse le ne le na le metheo e leshome le metso e mmedi, eo ho yona e leng mabitso a baapostola ba Konyana ba leshome le metso e mmedi.


Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.


Ka baka leo, kahobane o le foofo, o sa bate, o sa tjhese, ke tla o hlatswa molomong wa ka.


Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ