Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 9:3 - Baasraak Sotho NT

3 Hobane ke ne nka lakatsa eka nna ke rohakilwe ke tlohile ho Kreste bakeng sa banabeso, bao e leng beso ka nama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane, ke be nka rata hore nna ka sebele ke be anathema ka nqa ho Kreste, sebakeng sa banabeso, bao e leng ba mofuta o le mong le nna ka nama;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ke ne nka lakatsa hore ke be ya rohakehileng, ya arohantsweng le Kreste, bakeng sa baheso, bao ke leng seng le bona ka tswalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Hobane ke ne nka lakatsa eka nna ke rohakilwe ke tlohile ho Kreste bakeng sa banabeso, bao e leng beso ka nama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 9:3
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Banna, banabeso, bana ba leloko la Abrahama, le ba hara lona ba tshabang Modimo, lentswe la poloko ena le rometswe ho lona.


Jwalokaha le yena moprista e moholo le phutheho yohle ya baholo ba ntse ba mpaka, mme ke ile ka amohela mangolo ho bona a yang ho baena, mme ka ya Damaseka hore ke tlise ba neng ba le moo ba tlanngwe Jerusalema, hore ba otlwe.


Ba re ho yena: “Ha re eso ka re amohela mangolo a tswang Judea a buang ka wena, mme ha ho e mong wa baena ya tlileng a re tsebisitse, kapa a bua ntho e mpe ka wena.


Ka la Mora wa hae Jesu Kreste, Morena wa rona, ya tswetsweng lelokong la Davida ka nama;


Jwale ke re: Hleka Modimo o lahlile setjhaba sa wona na? Molimo ha ho joalo. Hobane le nna ke Moiseraele, wa leloko la Abrahama, wa leloko la Benjamine.


Haeba ka mokgwa ofe kapa ofe nka phephetsa ba nama ya ka, mme ka pholosa ba bang ba bona.


Ntumelisetseng Herodione, mong ka ’na. Ntumedisetseng ba ntlo ya Narkiso, ba leng Moreneng.


Timothea, mosebetsi-’moho le ’na, oa le lumelisa, le Lusiase, le Jasone, le Sosipatere, banab’eso.


Ntumedisetseng Andronika le Junia, banabeso, le batshwaruwa mmoho le nna, ba tsebahalang hara baapostola, ba bileng ho Kreste pele ho nna.


hore ke na le tsieleho e kholo le mesarelo e sa feleng ka pelong ea ka.


Ka baka leo, ke le tsebisa hore ha ho motho ya buang ka Moya wa Modimo, ya ka reng: Jesu o rohakilwe, mme ha ho motho ya ka reng: Jesu ke Morena, ha e se ka Moya o Halalelang.


Ekare ha motho a sa rate Morena Jesu Kreste, e be anathema Maranatha.


Mme nna ke tla ithaopela ho sebedisa, le ho sebediswa bakeng sa lona; leha ke le rata haholo, ke ratwa hanyenyane.


Empa leha rona, kapa lengeloi le tswang lehodimong, le ka le bolella Evangeli esele ho eo re le boleletseng yona, a e be anathema.


Jwalokaha re boletse pele, le jwale ke sa boela ke re: Ekare ha motho a le bolella Evangeli esele ho eo le e amohetseng, a be anathema.


Hobane bohle bao e leng ba mesebetsi ya molao, ba thohakong, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya sa tiisetseng nthong tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao, ho di etsa.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho ba thohako bakeng sa rona;


Lona bahlanka, le mamele beng ba lona ka nqeng ya nama, ka tshabo le ka thothomelo, ka botshepehi ba dipelo tsa lona, jwaloka hoja le utlwa Kreste;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ