Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Baroma 6:2 - Baasraak Sotho NT

2 Modimo a se ke a eba teng. Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka boela ra phela jwang ho sona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ho se ke ha eba jwalo. Ana rona re shweleng ka nqa ya sebe, re ka nna ra phelela jwang ho sona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Le kgale! Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka nna ra phela ho sona jwang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Modimo a se ke a eba teng. Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka boela ra phela jwang ho sona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Baroma 6:2
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla tla, a timetse balemi bao, mme tshimo ya merara o tla e nea ba bang. Yare ha ba utlwa, ba re: Ha ho jwalo!


Mme e seng hoo feela, empa hape re thabela Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste, eo jwale re fumaneng pheko ka yena.


Joale ho thoe’ng? Na re tla etsa sebe, kahobane re se tlas’a molao, empa re le tlas’a mohau? Molimo ha ho joalo.


Ka baka leo, banabeso, le lona le shwele ka nqeng ya molao ka mmele wa Kreste; hore le be ba e mong, e leng ya tsohileng bafung, hore re tle re behele Modimo ditholwana.


Empa jwale re lokolotswe molaong, re shwele ho seo re neng re le ditlamong tsa wona; re tle re sebeletse ka botjha ba moya, e seng ka mokgwa wa kgale wa lengolo.


Hobane nna ka molao ke shwele mabapi le molao, ke tle ke phelele Modimo.


Empa ho mpe ho se be teng ho ka ithorisa, haese ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, seo ka sona lefatshe le thakgisitsweng ho nna, le nna ke thakgisitsweng ka nqeng ya lefatshe.


Ha ho le jwalo, ha le shwele le Kreste ho tloha ho tsa pele tsa lefatshe, ke ka baka lang le ipea tlasa melao, jwaloka hoja le phela lefatsheng?


Hobane le shwele, mme bophelo ba lona bo patilwe le Kreste ho Modimo.


Le be bana ba mamelang, le se ke la ipapisa le ditakatso tsa lona tsa pele, tsa ho se tsebe ha lona.


Ke yena ya ileng a jara dibe tsa rona mmeleng wa hae sefateng, hore rona, ba shweleng ka nqeng ya dibe, re phelele ho loka;


E mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; hobane peo ya hae e dutse ho yena;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ