Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaKolose 3:17 - Baasraak Sotho NT

17 Eng kapa eng eo le e etsang ka lentswe kapa ketso, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha Modimo le Ntate ka yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Mme seo le se etsang, leha e ka ba eng le eng, ka ho bua, kapa ka ho sebetsa, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha ka yena Modimo Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Eng kapa eng eo le e etsang kapa le e bolelang, le e etse lebitsong la Morena Jesu, mme ka yena le lebohe Modimo Ntata lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Eng kapa eng eo le e etsang ka lentswe kapa ketso, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha Modimo le Ntate ka yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaKolose 3:17
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;


Taba ena ya tsejwa ke Bajuda bohle le Bagerike ba ahileng Efese; mme poifo ya ba wela kaofela, mme lebitso la Morena Jesu la tlotliswa.


Ka ho otlolla letsoho la hao ho fodisa; le hore dipontsho le meeka di tle di etswe ka lebitso la Jesu, Mora wa hao ya halalelang.


Sa pele, ke leboha Modimo wa ka ka Jesu Kreste bakeng sa lona bohle, hobane tumelo ya lona e bolelwa lefatsheng lohle.


Ka baka leo, leha le eja, leha le enwa, leha le etsa eng kapa eng, le etse tsohle ho tlotlisa Modimo.


Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata rona ya kganya, o ka le nea moya wa bohlale le wa tshenolo tsebong ya hae.


Le ntse le leboha kamehla Modimo Ntate ka baka la tsohle, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste.


le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse tswang ka Jesu Kreste, hore e be tlotliso le thoriso ho Modimo.


le hore maleme wohle a bolele hore Jesu Kreste ke Morena, tlotlisong ya Modimo Ntate.


le ntse le leboha Ntate ya re entseng hore re lokele ho ja lefa la bahalaledi leseding.


Le metse ka metso ho yena, le ntse le hahilwe ho yena, mme le tiisitswe tumelong, jwalokaha le rutilwe, le ntse le atetswe ke teboho.


Mme kgotso ya Modimo e buse dipelong tsa lona, eo le biletsweng yona mmeleng o le mong; mme le be le teboho.


Tsohle tseo le di etsang, le di etse ka pelo yohle, jwaloka hoja le etsetsa Morena, e seng batho;


Nna Pauluse, le Silvanase, le Timothea, re dumedisa kereke ya Bathesalonika, e leng ho Modimo Ntata rona, le ho Morena Jesu Kreste: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Lebohang nthong tsohle, hobane hoo ke thato ya Modimo ho lona ho Kreste Jesu.


Homotsa dipelo tsa lona, mme le le tiise dipolelong tsohle le mesebetsing yohle e molemo.


Hobane ke ofe ho mangeloi a kileng a re ho yena: O Mora wa ka, ke o tswetse kajeno? Hape, ke tla ba Ntate wa hae, yena e be Mora wa ka?


Ka baka leo, a re hlahiseng kamehla ho Modimo ka yena sehlabelo sa poko, e leng tholwana ya melomo e bolelang lebitso la hae.


Le lona, jwaloka majwe a phelang, le hahilwe ntlo ya moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a amohelehang ho Modimo ka Jesu Kreste.


Empa lona, le moloko o kgethilweng, baprista ba marena, setjhaba se halalelang, setjhaba sa ho kgetheha; hore le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng ho le ntsha lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang.


E mong ha a bua, a bue jwalokaha e le dipolelo tsa Modimo; ekare ha motho a sebeletsa, a e sebeletse ka matla ao Modimo a fanang ka wona, hore Modimo o tle o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo poko le matla a hae e leng tsa kamehla le mehla. Amen.


E mong le e mong ya latolang Mora, le yena ha a na Ntate; (empa) ya bolelang Mora o na le yena le Ntate.


Bana ba ka, a re se keng ra rata ka puo, leha e le ka leleme; empa ka ketso le ka nnete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ