Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 8:8 - Baasraak Sotho NT

8 Hobane o a ba nyatsa, o re: Bonang, ho tla matsatsi ao ke tla etsa selekane se setjha le ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda, ho bolela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Athe ke ka nyatso Modimo o itseng ho Bajuda: Bonang, nako e sa tla eo ke tla etsa selekane se setjha le ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda: ho itswalo ke Morena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Empa jwale Modimo o nyatsa setjhaba sa hae, ha a re: “Bonang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona ke tla etsa selekane se setjha, ke se etse le ba ntlo ya Iseraele, le ba ntlo ya Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Hobane o a ba nyatsa, o re: Bonang, ho tla matsatsi ao ke tla etsa selekane se setjha le ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda, ho bolela Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 8:8
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane hona ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata bakeng sa tshwarelo ya dibe.


A re ho bona: Sena ke madi a ka a selekane se setjha, a tshollelwang ba bangata.


A re ho barutuwa: Ho tla matsatsi ao ka wona le tla lakatsa ho bona le leng la matsatsi a Mora motho, mme le ke ke la le bona.


Ka mokgwa o jwalo, a nka le senwelo kamora selallo, a re: Senwelo sena ke selekane se setjha mading a ka, a tshollelwang lona.


Empa veine e ncha e tšeloa makukeng a macha; mme bobedi ba bolokeha.


Ka mokgwa o jwalo a nka le senwelo, ha ho se ho larile, a re: Senwelo sena ke selekane se setjha mading a ka;


Ke yena ya re entseng hore re be basebeletsi ba selekane se setjha; e seng wa letere, empa e le wa moya: hobane lengolo le a bolaya, empa moya ke wona o phedisang.


Le ho Jesu, mmuelli wa selekane se setjha, le mading a ho fafatsa, a bolelang tse molemo ho fetisa tsa Abele.


Ka mokgwa o jwalo Jesu o beilwe mmuelli wa selekane se molemo ho feta.


Ka ho re: Selekane se setjha, o sentse sa pele. Jwale se bolang, se tsofalang, se se se tla fela.


Empa jwale o fumane tshebeletso e fetisang ka boholo, kamoo e bileng mmoelanyi wa selekane se fetisang kateng, se theilweng hodima dipallo tse fetisang ka molemo.


Ke ka baka leo e leng mmoelanyi wa selekane se setjha, hore ba bitswang ba tle ba fumane pallo ya lefa le sa feleng, ka baka la lefu, e le topollo ya ditlolo tse entsweng tlasa selekane sa pele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ