Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 6:4 - Baasraak Sotho NT

4 Hobane ba kileng ba bonesetswa, ba latswa neo ya lehodimo, mme ba abelwa Moya o Halalelang, ha ho kgonehe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hobane ba seng ba kile ba bonesetswa, ba lekileng neo ya lehodimo, ba filweng kabelo Moyeng o Halalelang,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Ba kileng ba bontshwa lesedi, ba latswa neo ya lehodimo, ba abelwa Moya o Halalelang,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Hobane ba kileng ba bonesetswa, ba latswa neo ya lehodimo, mme ba abelwa Moya o Halalelang, ha ho kgonehe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 6:4
38 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale o ye o nke meya e meng e supileng e o fetang ka bokgopo, mme e kene, e ahe teng; Ho tla ba jwalo le ho moloko ona o kgopo.


Le letswai la lefatshe, empa ha letswai le tapile, le ka nokwa kang? ha o sa na thuso, haese ho lahlelwa ntle, le ho hatakelwa ke batho.


Ekare ha motho a sa dule ho nna, o lahlelwa ntle jwaloka lekala, mme o a omella; mme batho ba a bokella, ba a lahlela mollong, mme a tjhe.


Johanne a araba, a re: “Motho a ke ke a amohela letho, ha a sa le fuwe ho tswa lehodimong.


Jesu a araba, a re ho yena: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le hore ke mang ya reng ho wena: Mphe ke nwe; o ka be o kopile ho yena, mme a ka be a o file metsi a phelang.


Jesu a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Moshe ha a a ka a le nea bohobe bo tswang lehodimong; empa Ntate o le fa bohobe ba nnete bo tswang lehodimong.


Badumedi ba lebollo, ba tlileng le Petrose, ba makala, kahobane neo ya Moya o Halalelang e ne e tshetswe le hodima baditjhaba.


Erekaha Modimo o ba neile neo e tshwanang le eo o faneng ka yona ho rona, ba dumetseng ho Morena Jesu Kreste; ke ne ke le eng, ke tle ke hanele Modimo?


Mme Modimo, o tsebang dipelo, o ba pakile, ka ho ba nea Moya o Halalelang, jwalokaha o entse ho rona;


Petrose a re ho yena: Chelete ya hao e ke e timele le wena, kahobane o hopotse hore neo ya Modimo e ka rekwa ka tjhelete.


Hobane ke hlolohetswe ho le bona, ke tle ke le abele neo e nngwe ya Moya, le tle le tiise;


E leng bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa ba sa dumelang, hore lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo, le se ke la ba kganyetsa.


Hobane Modimo, ya laetseng hore lesedi le tjhabe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, hore o tle o re nee lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo sefahlehong sa Jesu Kreste.


Seo ke ratang ho ithuta sona feela ho lona ke sena: Na le amohetse Moya ka mesebetsi ya molao, kapa ka kutlo ya tumelo?


Ha ho le jwalo, ya le neang Moya, ya etsang mehlolo hara lona, na o e etsa ka mesebetsi ya molao, kapa ka kutlo ya tumelo na?


Mahlo a kelello ya hao a ediswe; le tle le tsebe tshepo ya pitso ya wona, le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi;


Hobane le bolokehile ka mohau ka tumelo; mme hoo ha ho tswe ho lona, ke mpho ya Modimo;


Ke entswe mosebeletsi wa yona, ho ya ka neo ya mohau wa Modimo, oo ke o neilweng ka tshebetso ya matla a wona.


Empa e mong le e mong wa rona o neilwe mohau ka tekanyo ya neo ya Kreste.


O se ka wa tlhokomologa neo e e mo go wena, e o e neilweng ka polelelopele ka peo ya diatla tsa bagolwane.


O laye ka bonolo ba hanyetsang; ha ekaba mohlomong Modimo o tla ba nea pako e isang tsebong ya nnete;


Alexandere setei sa koporo o nkentse bobe bo boholo; Jehova a mo busetse ho ea ka mesebetsi ea hae.


Le mpe le hopole mehla ya pele, eo, ha le se le boneseditswe, le mameletse ntwa e kgolo ya mahlomola;


Modimo le yena o ba pakile ka dipontsho, le meeka, le ka mehlolo e mengata, le dineo tsa Moya o Halalelang, ka ho rata ha wona?


Ekare ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa isang lefung, o tla mo kopa, mme o tla mo nea bophelo bakeng sa ba etsang sebe se sa isang lefung. Ho na le sebe se isang lefung: ha ke re a ka se rapella.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ