Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 6:20 - Baasraak Sotho NT

20 moo moetellipele a kenetseng teng bakeng sa rona, e leng Jesu, o bile moprista e moholo ka ho sa feleng, ka mokgwa wa Melkisedeke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 moo Jesu a keneng ka baka la rona, e le moetelli wa rona, ha a bewa moprista e moholo ka ho sa feleng, ka mokgwa wa Melkisedeke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 moo Jesu, moetellipele wa rona, a keneng teng e le Moprista e Moholo ka ho sa feleng jwaloka Meleki-Sedeke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 moo moetellipele a kenetseng teng bakeng sa rona, e leng Jesu, o bile moprista e moholo ka ho sa feleng, ka mokgwa wa Melkisedeke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 6:20
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, erekaha re na le moprista e moholo ya kenetseng lehodimong, Jesu Mora wa Modimo, a re tiiseng boipolelo ba rona.


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ele hloko Moapostola le Moprista e Moholo wa tumelo ya rona, Jesu Kreste.


Jwaloka ha a le sebakeng se seng, a re: O moprista ka ho sa feleng, ka mokgwa wa Melkisedeke.


Ya bitswang ke Modimo moprista e moholo ka mokgwa wa Melkisedeke.


Hobane Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, seo e leng setshwantsho sa sehalalelo sa nnete; empa o kene lehodimong ka bolona, hore a tle a bonahale jwale pela sefahleho sa Modimo bakeng sa rona.


Eseng ka madi a dipodi le a manamane, empa e le ka madi a hae, o kene hang feela sehalalelong, a fumana topollo e sa feleng bakeng sa rona.


Jwale, moelelo wa ditaba tseo re di boletseng, ke hore: Re na le moprista e moholo ya dutseng ka letsohong le letona la terone ya E moholo mahodimong;


Hobane ho ne ho loketse hore yena eo dintho tsohle di leng teng ka baka la hae, le eo dintho tsohle di leng teng ka yena, ha a tlisa bara ba bangata kganyeng, ho phetha molaodi wa poloko ya bona ka mahlomola.


Eo e neng e le kganya ya kganya ya wona, le setshwantsho se bonahalang sa botho ba wona, a tsheheditse tsohle ka lentswe la matla a wona, ha a se a hlatswa dibe, a dula ka letsohong le letona la E moholo hodimodimo;


Ke mang ya ahlolang? Kreste ke yena ya ileng a shwa, e, haholo, ya tsohileng bafung, ya ka letsohong le letona la Modimo, ya bileng a re rapellang.


Ke le ngolla, bana ba banyenyane, hobane le tshwaretswe dibe ka baka la lebitso la hae.


Ke yena ya nyolohetseng lehodimong, mme a ka letsohong le letona la Modimo; mangeloi le balaodi le ba matla di behilwe katlasa hae.


Re ntse re lebile kwa go Jesu mosimolodi le mophethi wa tumelo ya rona; eo ka baka la thabo e beilweng pela hae, a mameletseng sefapano, a sa natse dihlong, mme o dutse letsohong le letona la terone ya Modimo.


Ke gone ka moo go ne go mo tshwanela gore a tshwane le bomonnawe mo dilong tsotlhe, gore e tle e nne moperesiti yo mogolo yo o boutlwelo-botlhoko, yo o boikanngo mo dilong tse e leng tsa Modimo, go dira tetlanyo ya maleo a batho.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a moya mahodimong ho Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ