Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 5:7 - Baasraak Sotho NT

7 Yena mehleng ya nama ya hae, ha a ne a nyehela merapelo le merapelo ka sello se matla le ka meokgo ho ya neng a ka kgona ho mo pholosa lefung, mme a utluwa ka ho tshaba ha hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Kreste, ha a ntse a phela lefatsheng, o ile a hlahisa dithapelo le dikopo ka mehoo le ka meokgo ho Modimo, ya neng a ka mo pholosa lefung, mme kaha a ne a ikokobeditse, Modimo o ile a mo mamela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Yena mehleng ya nama ya hae, ha a ne a nyehela merapelo le merapelo ka sello se matla le ka meokgo ho ya neng a ka kgona ho mo pholosa lefung, mme a utluwa ka ho tshaba ha hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 5:7
38 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha e batla e eba hora ya boroba mono o le mong, Jesu a meketsa ka lentswe le leholo, a re: Eli, Eli, lama sabakthani? ke ho re: Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?


Jesu, hoba a hoeletse hape ka lentswe le phahameng, a neela moya.


Eitse ka hora ya boroba mono o le mong Jesu a meketsa ka lentswe le phahameng, a re: Eloi, Eloi, lama sabakthani? ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntloheletseng?


Jesu a meketsa ka lentswe le leholo, a neela moya.


Eitse hobane Jesu a hoeletse ka lentswe le phahameng, a re: Ntate, ke neela moya wa ka matsohong a hao.


Lentswe le ne le etswe nama, la aha hara rona, mme ra bona kganya ya lona, kganya e kang ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate, a tletse mohau le nnete.


Ke ne ke tseba hobane o nkutlwa kamehla, empa ke boletse hoo ka baka la bongata bo emeng pela hae, hore ba tle ba dumele hobane o nthomile.


Jesu a bua taba tseo, mme a lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile; tlotlisa Mora oa hao, hore Mora oa hao le eena a u tlotlise.


Hobane seo molao o neng o sitwa ho se etsa, kahobane o ne o fokola ka nama, Modimo o ahlotse sebe nameng ka ho roma Mora wa wona ka sebopeho sa nama ya boetsadibe;


Empa eitse hobane nako e phethehe, Modimo wa roma Mora wa hae, ya tswetsweng ke mosadi, ya tswetsweng tlasa molao;


Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.


Ka thato eo re halaletswang ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste hang feela.


Ka baka leo, mohla a tlang lefatsheng, a re: Ha o a ka wa rata sehlabelo le nyehelo, empa o ntokiseditse mmele.


Ka tumelo Noe, eitse hobane a lemoswe ke Modimo ka tse esong ho bonahale, ka tshabo, a lokisa areka ho pholosa ba ntlo ya hae; ka yona o ahlotseng lefatshe, mme a fetoha mojalefa wa ho loka ho tswang ka tumelo.


Ka baka leo, ha re amohela mmuso o ke keng wa sisinyeha, a re beng le mohau oo ka wona re ka sebeletsang Modimo ka mokgwa o o kgahlisang, ka borapedi le ka tshabo.


Jwale Modimo wa kgotso, o tsositseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


Ka baka leo, erekaha bana ba na le kabelo mading le nama, le yena ka ho tshwanang o na le kabelo ho tsona; e le hore ka lefu a ka timetsa ea neng a e-na le matla a lefu, ke hore, Diabolose;


Mme moya o mong le o mong o sa boleleng Jesu Kreste ya tlileng ka nama, hase wa Modimo; mme le jwale e se e le teng lefatsheng.


Hobane bathetsi ba bangata ba kene lefatsheng, ba sa boleleng Jesu Kreste ya tlileng nameng. Enwa ke mothetsi le antikreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ