Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




BaHebheru 11:26 - Baasraak Sotho NT

26 a nka sekgobo sa Kreste e le monono o fetisang matlotlo a Egepeta, hobane o ne a tadimile moputso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 a kgolwa hoba sekgobo sa Kreste ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta; hobane o ne a tadimile moputso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 A nka sekgobo sa Kreste e le leruo le fetang menono ya Baegepeta, hobane o ne a shebile moputso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 a nka sekgobo sa Kreste e le monono o fetisang matlotlo a Egepeta, hobane o ne a tadimile moputso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




BaHebheru 11:26
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya amohelang moporofeta, kahobane e le moporofeta, o tla fumana moputso wa moporofeta; mme ya amohelang ya lokileng, kahobane e le ya lokileng, o tla fumana moputso wa ya lokileng.


Thabang, le nyakalle, hobane moputso wa lona o moholo mahodimong;


Iponeleng, le tle le se ke la etsa ho loka ha lona pela batho, hore le bonwe ke bona; ho seng jwalo, ha le na moputso ho Ntata lona ya mahodimong.


O tla ba lehlohonolo; hobane ba ke ke ba o buseletsa, hobane o tla buseletswa tsohong ya ba lokileng.


Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong wa lona ya sa lahleng tsohle tseo a nang le tsona, a ke ke a ba morutuwa wa ka.


Yaba bona ba tloha kapele ho lekgotla, ba thabile hobane ba ne ba kailwe ba tshwanela ho hlomphollwa ka baka la lebitso la hae.


Ka baka leo, ke kgahliswa ke mefokolo, le dinyefolo, le ditsietsi, le dihloriso, le ditsietsi, ka baka la Kreste;


re le ba hlomohileng, empa re ntse re thabile; re le ba futsanehileng, empa re ruisa ba bangata; jwaloka hoja re se na letho, athe re ruile dintho tsohle.


Mahlo a kelello ya hao a ediswe; le tle le tsebe tshepo ya pitso ya wona, le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi;


Nna, ke le e monyenyane ho e monyenyane ho bahalaledi bohle, ke neilwe mohau ona, hore ke bolele hara baditjhaba monono o ke keng wa batlisiswa wa Kreste;


Empa tseo e neng e le leruo ho nna, ke di entse tshenyehelo ka baka la Kreste.


Ha e le hantle, ha le ne le entswe sebohi ka dinyefolo le dihloriso; mme ka nqa e nngwe, le ntse le le balekane ba ba neng ba tlwaetse ho etsa jwalo.


Ka hona le se ke la lahla tshepo ya lona, e nang le moputso o moholo.


Empa kantle ho tumelo ha ho kamoo motho o ka o kgahlisang kateng;


Ka baka leo, a re tsweleng ho yena kantle ho diahelo, re jere sekgobo sa hae.


Hobane ekare ha lentswe le builweng ke mangeloi le tiile, mme tlolo e nngwe le e nngwe le ho se mamele hohle ho ile ha fumana moputso o lokileng;


ba batlisisa hore na ke nako efe, kapa hore na ke nako e jwang eo Moya wa Kreste o neng o le ho bona o neng o bolela ka yona, ha o ne o bolela esale pele ka mahlomola a Kreste, le kganya e tlang ho latela.


Haeba le nyediswa ka baka la lebitso la Kreste, le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya le wa Modimo o dutse hodima lona;


Ke tseba mesebetsi ya hao, le matshwenyeho a hao, le bofutsana ba hao, (empa o ruile), mme ke tseba le dinyefolo tsa ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, empa e le sinagoge ya Satane.


Ke o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, o tle o rue; le diaparo tse tshweu, o tle o apare, dihlong tsa bofeela ba hao di se ke tsa bonahala; mme o tlotse mahlo a hao ka moriana wa mahlo, hore o tle o bone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ