Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Bakorinthe 5:15 - Baasraak Sotho NT

15 le hore o shwetse bohle, hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, ba mpe ba phelele ya ileng a ba shwela, a ba a tsoha hape bakeng sa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 mme o shwele bakeng sa bohle hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ya shweleng, a ba a tsoha bakeng sa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Jwale Kreste o shwetse bohle, e le hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ya ba shwetseng, a ba a tsoha ka baka la bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Le hore o shwetse bohle, hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela, ba mpe ba phelele ya ileng a ba shwela, a ba a tsoha hape bakeng sa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Bakorinthe 5:15
41 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hore o re nee, hore re pholoswe matsohong a dira tsa rona, re o sebeletse re sa tshabe letho;


Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng, mme a ke ke a kena kahlolong; empa o tlohile lefung ho kena bophelong.


Jwalokaha Ntate ya phelang a nthomile, mme ke phela ka Ntate, le ya jang nna, o tla phela ka nna.


Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela ka mehauhelo ya Modimo, hore le hlahise mebele ya lona e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Modimo, e leng tshebeletso ya lona ya kelello.


Ke yena ya neng a neelwa ka baka la ditlolo tsa rona, mme a tsoswa hore re bewe ba lokileng.


Modimo a se ke a eba teng. Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka boela ra phela jwang ho sona?


Hobane re ntse re tseba hobane botho ba rona ba kgale bo thakgisitswe le yena, hore mmele wa sebe o tle o timetswe, re tle re se ke ra hlola re sebeletsa sebe.


Mme ha Kreste a le ka ho lona, mmele o shwele ka baka la sebe; empa Moya ke bophelo ka baka la ho loka.


Hobane molao wa Moya wa bophelo o ho Kreste Jesu o nkgolotse molaong wa sebe le lefu.


Hobane ho beha kelello nameng ho bolela lefu; empa ho beha kelello moeeng ho bolela bophelo le khotso.


Jwalokaha le nna ke kgahlisa batho bohle nthong tsohle, ke sa ipatlele se molemo ho nna, empa se molemo ho ba bangata, hore ba tle ba bolokehe.


Ka baka leo, ke kgahliswa ke mefokolo, le dinyefolo, le ditsietsi, le dihloriso, le ditsietsi, ka baka la Kreste;


Ke yena ya re entseng hore re be basebeletsi ba selekane se setjha; e seng wa letere, empa e le wa moya: hobane lengolo le a bolaya, empa moya ke wona o phedisang.


Ka baka leo, ho tloha jwale ha re sa tseba motho ka nama;


Haeba re phela ka Moya, le rona a re tsamayeng ka Moya.


Jwale, ke bolela sena, mme ke paka Moreneng, hore le se ke la hlola le tsamaya jwaloka baditjhaba ba bang, ka bosawana ba dikelello tsa bona.


Ke ka baka leo ho thoeng: Tsoha, uena ea robetseng, u tsohe bafung, ’me Kreste o tla u bonesetsa.


Le patilwe le yena kolobetsong, eo le lona le tsositsweng le yena ka yona ka tumelo ya matla a Modimo o mo tsositseng bafung.


Jwale, ha le tsohile le Kreste, batlang tsa hodimo, moo Kreste a dutseng letsohong le letona la Modimo.


Eng kapa eng eo le e etsang ka lentswe kapa ketso, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha Modimo le Ntate ka yena.


Tsohle tseo le di etsang, le di etse ka pelo yohle, jwaloka hoja le etsetsa Morena, e seng batho;


Ya re shwetseng, hore, leha re fadimehile, leha re robetse, re tle re phele le yena.


Ya ineetseng bakeng sa rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a itlhwekisetse setjhaba seo e leng sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e molemo.


Ka baka leo, Evangeli e boleletswe le ho ba shweleng, hore ba ahlolwe ka mokgwa wa batho nameng, ba tle ba phele ka mokgwa wa Modimo moyeng.


Lerato la Modimo le bonahetse ho rona ka sena, ke hobane Modimo o rometse Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi lefatsheng, hore re tle re phele ka yena.


Ke nna ya phelang, mme ke ne ke shwele; mme, bona, ke phela ka ho sa feleng, Amen; mme ke na le dinotlolo tsa lefu le dihele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ