Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Bakorinthe 13:14 - Baasraak Sotho NT

14 Mohau wa Morena Jesu Kreste, le lerato la Modimo, le kopano ya Moya o Halalelang di be le lona bohle. Amen. (Lengolo la bobeli le eang ho Bakorinthe le ngotsoe ke Tite le Lucas ho tsoa Filipi, e leng motse oa Macedonia.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Mohau wa Morena Jesu Kreste, le lerato la Modimo, le kopano ya Moya o Halalelang di be le lona bohle. Amen. (Lengolo la bobeli le eang ho Bakorinthe le ngotsoe ke Tite le Lucas ho tsoa Filipi, e leng motse oa Macedonia.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Bakorinthe 13:14
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O se ke wa re isa molekong, o mpe o re lopolle ho e mobe: Hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho sa feleng. Amen.


Jesu a araba, a re ho yena: Hoja o tsebile neo ya Modimo, le hore ke mang ya reng ho wena: Mphe ke nwe; o ka be o kopile ho yena, mme a ka be a o file metsi a phelang.


Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke tla mo nea wona, a ke ke a nyorwa le ka mohla o le mong; empa metsi ao ke tla mo fa wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallang ho isa bophelong bo sa feleng.


Ya dumelang ho nna, dinoka tsa metsi a kollang di tla phalla, di etswa mpeng ya hae, jwalokaha Lengolo le boletse.


Empa re dumela hoba re tla bolokeha ka mohau wa Morena Jesu Kreste, jwalokaha bona.


Ke dumedisa ba leng Roma, baratuwa ba Modimo, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Modimo wa kgotso o tla phakisa o pshatle Satane katlasa maoto a lona. Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona. Amen.


Gaio, moamohedi wa ka, le phutheho yohle, o a le dumedisa. Erastase molebeli oa motse oa le lumelisa, le Kwarto, mor’abo rōna.


Ho Modimo, ya bohlale, a nnotshi, e be kganya ka Jesu Kreste ka ho sa feleng. Amen. (E ngoletsoe Baroma ho tsoa Korinthe, ’me e rometsoe ke Febe mohlanka oa kereke e Senkrea.)


Mme tshepo ha e hlajwe ke dihlong; hobane lerato la Modimo le tshetswe ka dipelong tsa rona ke Moya o Halalelang oo re o neilweng.


Leha e le bophahamo, leha e le botebo, leha e le sebopuwa se seng, ha di ka ke tsa tseba ho re arohanya le lerato la Modimo, le leng ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


Empa lona ha le phele nameng, le laolwa ke Moya, ha Moya wa Modimo o ahile ka ho lona. Jwale, ha motho a se na Moya wa Kreste, hase wa hae.


Hobane rona bohle re kolobeleditswe mmeleng o le mong ka Moya o le mong, leha re le Bajuda, leha e le Bagerike, leha re le makgoba kapa ba lokolohileng; ’me bohle re nositsoe Moeeng o le mong.


Ho seng jwalo, ha o boka ka moya, ya dutseng tlung ya motho ya sa rutehang o tla re jwang “Amen” tebohong ya hao, athe ha a utlwisise seo o se bolelang?


Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona.


Ana ha le tsebe hoba le tempele ya Modimo, le hoba Moya wa Modimo o dutse ho lona na?


Eng? Ana ha le tsebe hoba mmele wa lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo, mme ha le ba lona?


Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hore, leha a ne a ruile, o ile a futsaneha ka baka la lona, hore lona ka bofuma ba hae le tle le rue.


Empa tholwana ya Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, bonolo, molemo, tumelo,


Hobane ka yena re na le katamelo ho Ntate ka Moya o le mong.


Eo le lona le ahilweng hammoho ho yena ho ba bodulo ba Modimo ka Moya.


(Hobane tholwana ya Moya ke molemo wohle le ho loka le nnete;)


A kgotso e be le bana babo rona, le lerato le tumelo, tse tswang ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste.


Ha ho le matshediso ho Kreste, ha ho le matshediso a lerato, ha ho le kopano ya Moya, leha e le matswalo, le mehauhelo,


Se re se boneng, le seo re se utlwileng, re le bolella sona, hore le lona le be le kopano le rona, mme kopano ya rona e na le Ntate le Mora wa hae Jesu Kreste.


Seo re lemohileng lerato la Modimo ka sona, ke hobane o re teletse bophelo ba hae;


Mme ya bolokang ditaelo tsa hae o dutse ho yena, le yena o dutse ho yena. Ke ka hona re tsebang hobane o dutse ho rona, ka Moya oo a re neileng wona.


Le ipoloke leratong la Modimo, le ntse le lebeletse mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste bophelong bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ