Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Bakorinthe 10:5 - Baasraak Sotho NT

5 Re diha mehopolo, le ntho e nngwe le e nngwe e phahamileng, e iphahamisang ho lwantsha tsebo ya Modimo, mme mehopolo yohle e tle e utlwe Kreste;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Re diha ka tsona merero le diphahamo tsohle tse phahamelang ho lwantsha tsebo ya Modimo, mme re hapa mehopolo yohle, e tle e utlwe Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 le tsohle tsa boikgantsho tse lwantshang ho tseba Modimo, mme re tlamella merero yohle hore e ikokobeletse Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Re diha mehopolo, le ntho e nngwe le e nngwe e phahamileng, e iphahamisang ho lwantsha tsebo ya Modimo, mme mehopolo yohle e tle e utlwe Kreste;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Bakorinthe 10:5
48 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane pelong ho tswa mehopolo e mebe, le dipolao, le bofebe, le bohlola, le boshodu, le bopaki ba leshano, le dinyefolo.


O entse ka matla ka letsoho la hae; o hasantse baikhohomosi mehopolong ea lipelo tsa bona.


Hobane, leha ba tsebile Modimo, ha ba a ka ba o tlotlisa jwaloka Modimo, leha e le ho o leboha; empa ba fetoha lefeela mehopolong ya bona, mme dipelo tsa bona tse hlokang kelello tsa fifala.


Ke yena eo re amohetseng mohau le boapostola ka yena, hore ditjhaba tsohle di utlwe tumelo ka baka la lebitso la hae.


Empa jwale e bonahaditswe, le ka Mangolo a baporofeta, ho ya ka taelo ya Modimo o sa feleng, ho tsebiswa ditjhaba tsohle ho utlwa ho latela tumelo.


Empa ke bona molao o mong dithong tsa ka, o lwantshanang le molao wa kelello ya ka, o ntlisa kgolehong ya molao wa sebe o dithong tsa ka.


Hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ke tla timetsa bohlale ba ba bohlale, mme kutlwisiso ya ba masene ke tla e etsa lefeela.


Hobane bohlale ba lefatshe lena ke bohlanya ho Modimo. Hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tshwara ba bohlale manong a bona.


Hobane le a mamella, leha motho a le etsa makgoba, leha e mong a le ja, leha e mong a le nka, leha e mong a ikgohomosa, leha e mong a le otla sefahlehong.


Erekaha tshebeletso ena e lemohile, ba tlotlisa Modimo ka baka la ho ikokobetsa ha lona molaetsa o molemo wa Kreste, le ka baka la ho fana ha lona ho bona le ho batho bohle.


Mme kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.


Ke yena ya hanyetsang, ya iphahamisang kahodimo ho tsohle tse bitswang Modimo, kapa tse kgumamelwang; hoo yena jwaloka Modimo a dutseng tempeleng ya Modimo, a iponahatsa e le Modimo.


Ke moo ho tla senolwa ya kgopo, eo Morena a tlang ho mo timetsa ka moya wa molomo wa hae, mme a mo fedise ka ponahalo ya ho ba teng ha hae.


Hobane Lentswe la Modimo ke lentswe le phelang, le matla, le bohale ho feta sabole e leoditsweng ka nqa tse pedi;


Mme eitse hobane a phethehe, a etswa moqapi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang;


Ba kgethilweng ho ya ka tsebo e sa le pele ya Modimo Ntate, ka kgalaletso ya Moya, ho isa kutlong le ho fakweng ka madi a Jesu Kreste: A le ke le atisetswe mohau le kgotso.


Erekaha le hlwekisitse meya ya lona ka ho utlwa nnete ka Moya ho isa leratong le se nang boikaketsi la baena, le nne le ratane ka pelo e hlwekileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ