Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Timothea 6:17 - Baasraak Sotho NT

17 Laela ba ruileng tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa letlotlo le sa tsitsang, ba mpe ba tshepe Modimo o re fang dintho tsohle ka bongata hore re di thabele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Laela ba ruileng tsa mehla ya jwale hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa moruo o sa tiyang, ba mpe ba tshepe Modimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re di thabele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Laela ba ruileng tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa letlotlo le sa tsitsang, ba mpe ba tshepe Modimo o re fang dintho tsohle ka bongata hore re di thabele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Timothea 6:17
62 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, ha o a ka wa itlohela a se na bopaki, ka ho etsa se molemo, wa re nea pula e tswang lehodimong, le dihla tsa nala, wa tlatsa dipelo tsa rona ka dijo le ka thabo.


Hobane ke ka baka leo re sebetsang ka thata, mme re a hloriswa, hobane re tshepile Modimo o phelang, o leng Mopholosi wa batho bohle, haholo wa ba dumelang.


Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Kannete ke re ho lona: Ho tla ba thata ho morui ho kena mmusong wa mahodimo.


E re ruta hore re lahle bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, mme re phele ka kelello, ka ho loka, le ka borapedi, lefatsheng lena;


A Lentswe la Kreste le ikahele ka ho lona ka ho enneng ka bohlale bohle; le rutane le ho eletsana ka dipesaleme le difela le dipina tsa moya, le binele Morena ka mohau ka dipelong tsa lona.


Jwale, bonang, ho ne ho ena le monna ya bitswang Sakea, eo e neng e le molaodi wa balekgetho, mme a ruile.


Joale; ka baka la ho se dumele ba kgaolwa, mme wena o eme ka tumelo. O se ke wa ikgohomosa, o mpe o tshabe;


Hobane Demase o ntahlile, ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Keresense o ea Galatia, Tite o ea Dalmatia.


Ke o laela mahlong a Modimo o phedisang dintho tsohle, le pela Kreste Jesu, ya ileng a paka boipolelo bo botle kapele ho Ponse Pilato.


Jwalokaha ke ile ka o kopa hore o sale Efese, ha ke ya Masedonia, o tle o laele ba bang hore ba se ke ba ruta thuto esele.


Hobane bona ka bobona ba bolela tsa ho kena ha rona ho lona, le kamoo le ileng la sokolohela ho Modimo ka ho tlohela medimo ya bohata, hore le sebeletse Modimo o phelang, wa nnete;


Hobane le a tseba hore ha ho sehlola, leha e le ya ditshila, leha e le motho ya meharo, e leng morapeli wa medimo ya bohata, ya nang le kabelo mmusong wa Kreste le Modimo.


Ha o sebeletswe ke matsoho a batho, jwaloka hoja o hloka letho, kahobane ke wona o neang bohle bophelo le phefumoloho le dintho tsohle.


Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tsohle tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng baditjhaba monyako wa tumelo kateng.


Barutuwa ba hlollwa ke dipolelo tsa hae. Empa Jesu a boela a araba, a re ho bona: Bana, ho thata hakakang ho ba tshepileng maruo ho kena mmusong wa Modimo!


Eitse ha e se e le mantsiboya, ha fihla monna wa morui wa Arimathea, ya bitswang Josefa, eo le yena e neng e le morutuwa wa Jesu.


Hobane ntho tseo tsohle baditjhaba ba di batla; hobane Ntata lona ya mahodimong o a tseba hore le hloka ntho tseo tsohle.


Oo o re tsheletseng ka bongata ka Jesu Kreste Mopholosi wa rona;


Ke o laela pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, le mangeloi a kgethilweng, hore o boloke taba tseo, o sa kgetholle, o se ke wa etsa letho ka leeme.


Empa ha nka dieha, o tle o tsebe kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.


E mong le e mong ya buang lentswe le nyefolang Mora motho, o tla tshwarelwa, empa e mong le e mong ya buang kgahlanong le Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le lefatsheng lena, leha e le le tlang ho tla.


A araba, a re ho bona: Ya nang le diaparo tse pedi, a abele ya se nang tsona; le ya nang le dijo, a etse jwalo.


Empa ba ratang ho rua, ba wela molekong, le lerabeng, le ditakatsong tse ngata tsa bothoto, tse kotsi, tse tebelang batho timelong le tahlehong.


Hobane ka mokgwa o jwalo le tla ekeletswa ka ho enneng ho kena mmusong o sa feleng wa Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste.


Ya neng a amohetse ditalenta tse hlano a ya, a hweba ka tsona, a fumana tse ding tse hlano.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ