Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Timothea 3:3 - Baasraak Sotho NT

3 e se lekgoba la veine, e se sehlabane, e se ya chachehelang leruo le ditshila; a mpe a mamelle, a se ke a loana, a se ke a chacheha ka mohono;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 E se ke ya eba motho ya hapjwang ke veine, leha e le ya otlang, kapa ya batlang leruo ka thetso, e mpe e be motho ya mosa, ya hloyang komang, ya sa rateng tjhelete;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 E se ke ya eba letahwa kapa ya leqhoko, empa e be motho ya bonolo, ya sa rateng ntwa, le ya sa rateng tjhelete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 e se lekgoba la veine, e se sehlabane, e se ya chachehelang leruo le ditshila; a mpe a mamelle, a se ke a loana, a se ke a chacheha ka mohono;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Timothea 3:3
45 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re ho bona: Ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo; empa lona le e entse lehaha la mashodu.


Ha ke a ka ka lakatsa silefera ya motho, leha e le kgauta, leha e le seaparo sa hae.


Hobane ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Jesu Kreste, empa ba sebeletsa dimpa tsa bona; mme ka dipolelo tse monate le dipolelo tse monate ba kgelosa dipelo tsa ba se nang kelello.


Le se ke la tahwa ke veine, moo bohlola bo leng teng; le mpe le tlale Moya;


Joale rea le eletsa, barab’eso, hore le eletse ba sa laoleheng, le tšelise ba nyahameng, le tšehetse ba fokolang, le be le mamello ho batho bohle.


Ka mokgwa o jwalo, e be bahlanka ba hlonephang;


Hobane batho e tla ba baithati, ba meharo, baikakasi, baikgohomosi, banyefodi, ba sa utlweng batswadi ba bona, ba hlokang teboho, ba sa halaleleng.


ba melomo ya bona e tla thijwa, e leng ba heletsang matlo kaofela, ka ho ruta tse sa tshwanelang, ka baka la leruo le ditshila.


Hobane bishopo o tshwanetse ho hloka sekodi, jwaloka ha e le motsamaisi wa Modimo; e se moithati, e se ya halefang kapele, e se monwi, e se mohlabaphi, e se motho ya ratang leruo le ditshila;


Le basadi ba ba hodileng ba be le boitshwaro ka mokgwa o tshwanelang kgethehileng, e se ke ya eba basomi, ba se ke ba tahwa ke veine e ngata, ba rute tse molemo;


ba se ke ba nyefola motho, ba se ke ba rata diqabang, ba mpe ba be bonolo, ba bontše bonolo bohle ho batho bohle.


A metsamao ya lona e be e hlokang ho chacheha ka mohono; mme le kgotsofale ke tseo le nang le tsona;


Lintoa le lintoa li tsoa kae har’a lōna? Na ha di tswe mona, ditakatsong tsa lona tse lwantshang ditho tsa lona na?


Fedisang mohlape wa Modimo o hara lona, le o okamele, e seng ka kgatello, empa ka ho rata; e seng ka lebaka la leruo le ditshila, empa ka ho rata;


Ka baka la ho chacheha ka mohono, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano;


Ho malimabe bona! hobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba mathela phosong ya Balaame ka meharo, ba batla moputso, mme ba timetse ka ketso ya Kora.


Nna Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso le mamello ya Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka baka la Lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki ba Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ