Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Timothea 2:7 - Baasraak Sotho NT

7 tseo ke kgethetsweng ho ba mmoledi le moapostola wa tsona, ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano, ke le moruti wa baditjhaba tumelong le nneteng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 boo ke beilweng mmoledi le moapostola ka baka la jona — ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano — le moruti wa baditjhaba ho ba isa tumelong le nneteng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Ke ka baka lena ke kgethetsweng ho ba sebohodi le moapostola, le moruti wa baditjhaba ya rutang tumelo le nnete; ke bua nnete, e seng leshano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Tseo ke kgethetsweng ho ba mmoledi le moapostola wa tsona, ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano, ke le moruti wa baditjhaba tumelong le nneteng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Timothea 2:7
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Bajuda ba botsana, ba re: Eo o tla ya kae, moo re ke keng ra mo fumana? Na o tla ea ho ba qhalaneng har’a Balichaba, ’me a rute Balichaba?


Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tsohle tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng baditjhaba monyako wa tumelo kateng.


A re ho nna: Tloha, hobane ke tla o romela ho baditjhaba hole.


Empa ke ile ka qala ka ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le naheng yohle ya Judea, le ho baditjhaba, hore ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba etse mesebetsi e tshwanelang pako.


Empa Morena a re ho yena: “Tsamaya, hobane yena ke sejana se kgethilweng ho nna, sa ho jara lebitso la ka pela baditjhaba, le ho marena, le ho bana ba Iseraele.


Hobane Modimo oo ke o sebeletsang ka moya wa ka ka Evangeli ya Mora wa wona, ke paki ya ka ya hore ha ke phetse ho le hopola merapelong ya ka;


Jwale ba tla bitsa jwang ho yena eo ba sa kang ba dumela ho yena? mme ba tla dumela jwang ho eo ba sa kang ba utlwa ka yena? mme ba tla utlwa jwang, ha ho se mmoledi?


Hobane ke bua le lona baditjhaba, kahobane ke le moapostola wa baditjhaba, ke tlotlisa mosebetsi wa ka.


hore ke tle ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu ho baditjhaba, ya bolelang Evangeli ya Modimo, hore sehlabelo sa baditjhaba se tle se amohelehe, se halaleditswe ke Moya o Halalelang.


Ke bua nnete ka Kreste, ha ke bue leshano, letswalo la ka le ntse le mpakela ka Moya o Halalelang.


Na ha ke moapostola? Na ha kea lokoloha? Na ha ke eso bone Jesu Kreste, Morena wa rona? A ga se lona tiro ya me mo Moreneng?


Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o bokwang ka ho sa feleng, o a tseba hore ha ke bue leshano.


ho senola Mora wa hae ka ho nna, ke tle ke bolele molaetsa wa hae hara ditjhaba; hang ha ke a ka ka rerisana le nama le madi.


Jwale, tseo ke le ngollang tsona, bonang, pela Modimo, ha ke bue leshano.


Re ntse re tseba hore motho ha a lokafatswe ka mesebetsi ya molao, empa e le ka tumelo ho Jesu Kreste, le rona re dumetse ho Jesu Kreste, hore re tle re bewe ba lokileng ka tumelo ya Kreste, e seng ka mesebetsi ya molao. hobane ha ho nama e ke keng ya lokafatswa ka mesebetsi ya molao.


Yare ha Jakobo, le Kefase, le Johanne, ba neng ba bonahala e le ditshiya, ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba nea nna le Barnabase matsoho a matona a kopano; hore re ye ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.


Jwale ba dumelang ba hlohonolofatswa hammoho le Abrahama ya tshepahalang.


tseo ke laetsweng ho ba mmoledi wa tsona, le moapostola, le moruti wa baditjhaba.


mme ha a ka a qenehela lefatshe la kgale, empa a pholosa Nowe mmoledi wa ho loka, e le wa boroba meno e le mmedi, ha a tlisa morwallo hodima lefatshe la ba kgopo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ