Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 6:20 - Baasraak Sotho NT

20 Hobane le rekilwe ka theko;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 hobane le lopolotswe ka theko. Tlotlisang Modimo ke hona mmeleng ya lona le meyeng ya lona, e leng ya Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Le rekilwe ka theko e phahameng. Ka baka leo, tlotlisang Modimo ka mmele ya lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Hobane le rekilwe ka theko;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 6:20
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lesedi la lona a le kganyetse batho jwalo, hore ba tle ba bone mesebetsi ya lona e metle, mme ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.


Itebeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo, eo o ithuetseng yona ka madi a hae.


Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela ka mehauhelo ya Modimo, hore le hlahise mebele ya lona e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Modimo, e leng tshebeletso ya lona ya kelello.


Ke bua ka mokgwa wa batho ka baka la bofokodi ba nama ya lona: hobane jwalokaha le ne le neetse ditho tsa lona hore e be bahlanka ba ditshila le tsa bokgopo ho isa bokgopong; le hona jwale le nee ditho tsa lona, e be bahlanka ba ho loka, e isang kgalalelong.


Ka baka leo, leha le eja, leha le enwa, leha le etsa eng kapa eng, le etse tsohle ho tlotlisa Modimo.


Le rekilwe ka theko; le se ke la ba bahlanka ba batho.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho ba thohako bakeng sa rona;


ho ya ka tebello ya ka e tiileng le ka tshepo ya ka, hore nke ke ka hlajwa ke dihlong ka letho, empa e le ka tshepo yohle, jwaloka kamehla, le jwale Kreste o tla hodiswa mmeleng wa ka, leha e ka ba ka bophelo, leha e le ka lefu.


Eseng ka madi a dipodi le a manamane, empa e le ka madi a hae, o kene hang feela sehalalelong, a fumana topollo e sa feleng bakeng sa rona.


Lea tseba hore ha le a ka la lopollwa ka dintho tse bolang, ka silevera le kgauta, metsamaong ya lona ya lefeela, eo le e amohetseng ho bontata lona.


Empa lona, le moloko o kgethilweng, baprista ba marena, setjhaba se halalelang, setjhaba sa ho kgetheha; hore le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng ho le ntsha lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang.


Empa le hara setjhaba ho ne ho ena le baporofeta ba bohata, jwalokaha ho tla ba le baruti ba bohata le hara lona, ba tlang ho kenya ka sephiri dithuto tse senyang, ba latola Morena ya ba rekileng, mme ba itlisetsa tshenyeho e kapele.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O lokelwa ke ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; sechaba;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ