Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 6:10 - Baasraak Sotho NT

10 Leha e le mashodu, le ba meharo, le matahwa, le ba ditlhapa, le bahanyapetsi, ba ke ke ba rua mmuso wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Le se ke la lahleha: Haele ba ditshila, haele ba rapelang ditshwantsho, haele baboki le bafebi, leha e le basodoma, le mashodu, le ba lakatsang leruo, le matahwa, le ba sebang ba bang, le ba utswang, ba jwalo ba ke ke ba rua lefa la mmuso wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 le mashodu, le ditlofa, le matahwa, le ba ditlhapa, le dinokwane, ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Leha e le mashodu, le ba meharo, le matahwa, le ba ditlhapa, le bahanyapetsi, ba ke ke ba rua mmuso wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 6:10
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha a bona sefate sa feiye se tseleng, a ya ho sona, mme a se ke a fumana letho ho sona, haese mahlaku feela; Mme hang sefate sa feiye sa omella.


Empa ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo;


Dinoga ke lona, lotsalo lwa dinoga, lo ka falola jang katlholo ya bobipo?


O ne a bua sena, e seng hore o ne a tsotella mafutsana; empa kahobane e ne e le leshodu, a tshwere mokotlana wa hae, a nka tse kentsoeng ho wona.


Mme jwale, banabeso, ke le laeletsa ho Modimo, le ho lentswe la mohau wa wona, o nang le matla a ho le haha, le ho le nea lefa hara bahalaledi bohle.


Jwale, banabeso, ke bolela hore nama le madi di ke ke tsa rua mmuso wa Modimo; le ho bola ha ho rue ho se boleng.


Empa jwale, ke le ngoletse hore le se ke la itswakanya le motho ya ipitsang ngwanabo rona, e leng sehlola, kapa motho ya meharo, kapa morapeli wa medimo ya bohata, kapa wa ba rohakang, kapa letahwa, kapa senokwane; le se ke la ja le ea joalo.


Ke mohono, le lipolao, le botahoa, le meharo, le meharo, le tse joalo, tseo ke le boleletseng tsona esale pele, joalo ka ha ke le boleletse khale, hore ba etsang tse joalo ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.


Ya utswang a se ke a hlola a utswa, empa ho e na le hoo, a a sebetse ka thata, a sebetse se molemo ka matsoho a hae, hore a tle a be le ho abela ya hlokang.


Hobane le a tseba hore ha ho sehlola, leha e le ya ditshila, leha e le motho ya meharo, e leng morapeli wa medimo ya bohata, ya nang le kabelo mmusong wa Kreste le Modimo.


hore ho se be motho ya fetelletsang, mme a qhekella ngwanabo tabeng efe kapa efe;


Empa ho se ke ha eba e mong ho lona ya utlwiswang bohloko ke hobane e le mmolai, kapa leshodu, kapa sesenyi, kapa ya itshunyang ditabeng tsa ba bang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ