Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 12:10 - Baasraak Sotho NT

10 E mong o etsa mehlolo; ho e mong boprofeta; e mong temoho ya meya; e mong mefuta e fapaneng ya maleme; e mong ke tlhaloso ya dipuo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 E mong o newa tshebetso ya mehlolo, e mong boporofeta, e mong temoho ya meya, e mong dipuo tse mefuta, e mong phetolo ya dipuo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Moya o nea e mong matla a ho etsa mehlolo, e mong ho porofeta, e mong ho kgetholla meya; Moya o nea e mong neo ya ho bua ka maleme asele, athe e mong o mo nea ho a hlalosa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 E mong o etsa mehlolo; ho e mong boprofeta; e mong temoho ya meya; e mong mefuta e fapaneng ya maleme; e mong ke tlhaloso ya dipuo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 12:10
38 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mehlolo e tla tsamaya le ba dumelang ke yona ena; Ka lebitso la ka ba tla leleka batemona; ba tla bua ka maleme a matjha;


Ba tloha, ba ya bolela Evangeli kahohle, Morena a ntse a sebetsa le bona, a tiisa lentswe ka mehlolo e e latelang. Amen.


Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna, mesebetsi eo ke e etsang o tla e etsa le yena; mme o tla etsa mesebetsi e meholo ho ena; hobane ke ya ho Ntate.


Empa etlare hobane Moya wa nnete o fihle, o tla le tataisetsa nneteng yohle; empa tsohle tseo a di utlwang, o tla di bua, mme o tla le tsebisa tse tlang ho tla.


Empa le tla amohela matla, Moya o Halalelang o tle ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.


Matsatsing ao baporofeta ba tloha Jerusalema ba tla Antioke.


Yaba ho ema e mong wa bona, ya bitswang Agabuse, mme a bolela ka Moya hore tlala e kgolo e tla ba teng lefatsheng lohle, e bileng teng mehleng ya Kesare Klaudio.


Eitse hobane Pauluse a ba bee matsoho, Moya o Halalelang wa theohela hodima bona; mme ba bua ka dipuo, mme ba porofeta.


Petrose a re: Ananiase, ke ka baka lang Satane a tlatsitse pelo ya hao ho thetsa Moya o Halalelang, le ho itshiela karolo ya theko ya tshimo?


Erekaha re ena le dineo tse fapaneng, ho ya ka mohau oo re o neilweng, leha e le boporofeta, a re porofeteng ka tekanyo ya tumelo;


ka matla a dipontsho le meeka, ka matla a Moya wa Modimo; hoo ke bileng ka bolela Evangeli ya Kreste ka botlalo, ho tloha Jerusalema le mathoko a yona ho ya fihla Ilirike.


Monna e mong le e mong ya rapelang, kapa ya porofetang, a rwetse hloohong, o tlontlolla hlooho ya hae.


Lerato ha le fele le ka mohla; leha ho le maleme, a tla kgaotsa; leha ho le tsebo, e tla fela.


Ka baka leo, ya buang ka dipuo a rapele hore a fetolele.


Ka baka leo, bana beso, le duma ho porofeta, mme le se ke la thibela ho bua ka maleme asele.


Ha ho le jwalo, ya le neang Moya, ya etsang mehlolo hara lona, na o e etsa ka mesebetsi ya molao, kapa ka kutlo ya tumelo na?


Modimo le yena o ba pakile ka dipontsho, le meeka, le ka mehlolo e mengata, le dineo tsa Moya o Halalelang, ka ho rata ha wona?


Baratuwa, le se ke la dumela meya yohle, le mpe le leke meya hore na e tswa ho Modimo;


Ke tseba mesebetsi ya hao, le mokgathala wa hao, le mamello ya hao, le kamoo o sitwang ho mamella ba babe;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ