Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 11:22 - Baasraak Sotho NT

22 Eng? Na ha le na matlo a ho jela le ho noela teng? Kapa le nyedisa kereke ya Modimo, le hlabisa ba se nang letho dihlong? Ke tla re’ng ho uena? na ke tla u rorisa tabeng ee? Ha ke o rorise.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ana ha le na matlo a ho jela le ho nwela teng na? Kapa a le nyedisa kereke ya Modimo, mme le swabisa ba se nang letho na? Ke tla reng ho lona? A ke tla le boka na? Tjhe, ho tseo ha ke le boke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Na ha le na mahalona moo le ka itjellang, kapa la inwella teng? Kapa le nyedisa kereke ya Modimo, mme le hlabisa ba se nang letho dihlong? Le re ke reng ho lona? Ke le rorise? Tjhe, tabeng ena nke ke ka le rorisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Eng? Na ha le na matlo a ho jela le ho noela teng? Kapa le nyedisa kereke ya Modimo, le hlabisa ba se nang letho dihlong? Ke tla re’ng ho uena? na ke tla u rorisa tabeng ee? Ha ke o rorise.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 11:22
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Itebeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo, eo o ithuetseng yona ka madi a hae.


Le se ke la kgopisa Bajuda, leha e le Baditjhaba, leha e le kereke ya Modimo;


Jwale, tabeng ena eo ke le bolellang yona, ha ke le rorise ka hoba le phutheha, e seng bakeng sa molemo, empa bakeng sa bobe.


Jwale, banabeso, ke a le rorisa, ha le nkgopola nthong tsohle, mme le boloka ditaelo, jwalokaha ke le neile tsona.


Ekare ha motho a lapile, a je hae; hore le se ke la phuthehela kahlolong. Mme tse ding ke tla di lokisa mohla ke tlang.


Hobane ke e monyenyane ho baapostola, ya sa tshwanelang ho bitswa moapostola, kahobane ke hlorisitse kereke ya Modimo.


Empa ha nka dieha, o tle o tsebe kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.


(Ekare ha motho a sa tsebe ho busa ntlo ya hae, o tla hlokomela kereke ya Modimo jwang?)


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ