Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Bakorinthe 10:32 - Baasraak Sotho NT

32 Le se ke la kgopisa Bajuda, leha e le Baditjhaba, leha e le kereke ya Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Le se ke la dihela Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le kereke ya Modimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Le se kgopise motho, e ka ba Mojuda, kapa moditjhaba, kapa le kereke ya Modimo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

32 Le se ke la kgopisa Bajuda, leha e le Baditjhaba, leha e le kereke ya Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Bakorinthe 10:32
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Itebeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo, eo o ithuetseng yona ka madi a hae.


Mme ka mokgwa ona ke ikitlaelletsa ho ba le letswalo le se nang molato ho Modimo le ho batho kamehla.


Ka baka leo, a re se keng ra hlola re ahlolana;


re ngolla phutheho ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, mmoho le bohle ba rapelang lebitso la Jesu Kreste hohle, la Morena wa rona, la bona le la rona.


Jwalokaha le nna ke kgahlisa batho bohle nthong tsohle, ke sa ipatlele se molemo ho nna, empa se molemo ho ba bangata, hore ba tle ba bolokehe.


Eng? Na ha le na matlo a ho jela le ho noela teng? Kapa le nyedisa kereke ya Modimo, le hlabisa ba se nang letho dihlong? Ke tla re’ng ho uena? na ke tla u rorisa tabeng ee? Ha ke o rorise.


Mme Modimo o behile ba bang ka phuthehong, pele baapostola, ba bobedi ke baporofeta, ba boraro ke baruti, ho ntoo ba mehlolo, ho ntoo ba dineo tsa phodiso, le dithuso, le mebuso, le dipuopuo tse fapaneng.


Hobane ke e monyenyane ho baapostola, ya sa tshwanelang ho bitswa moapostola, kahobane ke hlorisitse kereke ya Modimo.


E mong le e mong a tsamaye kamoo Modimo a abetseng e mong le e mong, kamoo Morena a bitsitseng kateng. Ke laela jwalo diphuthehong tsohle.


Ka baka leo, ha sejo se kgopisa ngwaneso, nke ke ka ja nama ho fihlela lefatsheng, ke tle ke se ke ka kgopisa ngwaneso.


Nna Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwanabo rona, re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, le bahalaledi bohle ba naheng yohle ya Akaya.


Ha re kgopise letho ka letho, tshebeletso e tle e se ke ya nyatsuwa.


Hobane le utlwile tsa metsamao ya ka mehleng ya Sejuda, kamoo ke neng ke hlorisa kereke ya Modimo ho feta tekanyo, mme ke e ripitla.


Le tle le tsebe ho bona tse molemo; le tle le be ba se nang molato, le be le se nang molato, ho be ho fihle tsatsi la Kreste;


mabapi le tjheseho, ke ne ke hlorisa phutheho; mabapi le ho loka ho leng molaong, ke se na sekodi.


Hobane le lona, banabeso, le bile balatedi ba dikereke tsa Modimo tse Judea, tse ho Kreste Jesu;


Empa ha nka dieha, o tle o tsebe kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.


(Ekare ha motho a sa tsebe ho busa ntlo ya hae, o tla hlokomela kereke ya Modimo jwang?)


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ