Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 8:13 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ka tadima, mme ka utlwa lengeloi le fofang mahareng a lehodimo, le bua ka lentswe le phahameng, le re: Ho madimabe, ho madimabe, ho madimabe ba ahileng lefatsheng ka baka la mantswe a mang a terompeta ya mangeloi a mararo a sa ntseng a le teng ho utloahala!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jwale, ka bona, ka ba ka utlwa ntsu e nngwe e fofang sebakeng sa lehodimo, e re ka lentswe le phahamileng: Ho madimabe, ho madimabe, ho madimabe ba ahileng lefatsheng, ka baka la mantswe a sa setseng a diterompeta tsa mangeloi a mararo a sa tlang ho di letsa!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Ka tadima, mme ka utlwa lentswe la ntsu e fofang hodimodimo sebakeng, e bua ka lentswe le phahameng, e re: “Ho madimabe! Ho madimabe! Ho madimabe baahi ba lefatshe, ka baka la medumo ya diterompeta tseo mangeloi a mang a mararo a seng a tla di letsa!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Ka tadima, mme ka utlwa lengeloi le fofang mahareng a lehodimo, le bua ka lentswe le phahameng, le re: Ho madimabe, ho madimabe, ho madimabe ba ahileng lefatsheng ka baka la mantswe a mang a terompeta ya mangeloi a mararo a sa ntseng a le teng. ho utloahala!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 8:13
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na kaofela hase meya e sebeletsang, e rometsweng ho sebeletsa bao e tla ba majalefa a poloko?


Bomalimabe ba bobeli bo fetile; mme bonang, bomalimabe ba boraro bo tla kapele.


Ka baka leo, thabang, lona mahodimo, le lona ba ahileng ho wona. Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng! hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile hampe, kahobane a tseba hobane nako ya hae ha e sa le ekae.


Ba bina sefela se setjha pela terone, le pela dibopuwa tse phelang tse nne, le baholo;


Ka bona lengeloi le leng le fofa mahareng a lehodimo, le tshwere Evangeli e sa feleng, ho e bolella ba ahileng lefatsheng, le ditjhaba tsohle, le mefuta yohle, le dipuo tsohle, le merabe yohle.


Ka bona lengeloi le eme letsatsing; mme a howa ka lentswe le phahameng, a re ho dinonyana tsohle tse fofang mahareng a lehodimo: Tloong, le phuthehele Selallong sa Modimo o moholo;


Kahobane o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o boloka nakong ya moleko, o tlang ho tlela lefatshe lohle, ho leka ba ahileng lefatsheng.


Ka bona mangeloi a supileng a emeng pela Modimo; mme ba newa diterompeta tse supileng.


Lengeloi la bohlano la letsa terompeta, mme ka bona naledi e tswang lehodimong e wetse lefatsheng, mme ya newa senotlolo sa sekoti.


Bomalimabe bo le bong bo fetile; mme bonang, bomalimabe bo bong hape ba babedi bo tla kamorao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ