Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 6:16 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Ba re ho dithaba le mafika: Re weleng hodimo, le re pate sefahlehong sa ya dutseng teroneng, le kgalefong ya Konyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 ba re ho dithaba le ho mafika: Re weleng hodimo, le re pate pela sefahleho sa ya dutseng teroneng le pela bohale ba Konyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Ba re ho dithaba le ho mafika: “Re weleng hodimo, le re pate, hore re se ke ra bonwa ke ya dutseng teroneng, le re phemise kgalefo ya Konyana,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 ba re ho dithaba le mafika: Re weleng hodimo, le re pate sefahlehong sa ya dutseng teroneng, le kgalefong ya Konyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 6:16
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yare ha a ba tadima ka nqa tsohle ka kgalefo, a swabiswa ke bothata ba dipelo tsa bona, a re ho monna eo: Otlolla letsoho la hao. A le otlolla, mme letsoho la hae la fola, la ba jwaloka le leng.


Foo ba tla qala ho re ho dithaba: Re weleng; le ho maralla: Re koahele.


Mme a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, ya hlodileng lehodimo, le tse ho lona, le lefatshe, le tse ho lona, le lewatle, le tse ho lona, hore nako e ke ke ya hlola e eba teng nako e telele:


Mme ho tswa molomong wa hae sabole e bohale, hore a otle ditjhaba ka yona, mme o tla di busa ka lere la tshepe;


Ka bona terone e kgolo e tshweu, le ya dutseng hodima yona, eo lefatshe le lehodimo di ileng tsa baleha sefahleho sa hae; mme ha se ke ha fumanwa sebaka bakeng sa bona.


Yaba hanghang ka ba moyeng: mme, bonang, terone ya bewa lehodimong, mme e mong a dutse teroneng.


Teroneng ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe, le dilampi tse supileng tsa mollo tse tukang pela terone, e leng Meya e supileng ya Modimo.


Mme etlare ha dibatana tseo di tlotlisa Ya dutseng teroneng, ya phelang ka ho sa feleng, le hlompho, le diteboho.


Ka bona letsohong le letona la ya dutseng teroneng buka e ngodilweng kahare le kantle, e tiisitsweng ka ditiiso tse supileng.


Ba howa ka lentswe le leholo, ba re: Morena ya halalelang, wa nnete, ho fihlela neng, o sa ahlolele ba ahileng lefatsheng madi a rona?


Mehleng eo batho ba tla batla lefu, mme ba ke ke ba le fumana; mme ba tla lakatsa ho shwa, mme lefu le tla ba balehela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ