Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 22:9 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Yaba o re ho nna: O se ke wa etsa jwalo, hobane ke mohlanka mmoho le wena, le wa banabeno ba baporofeta, le wa ba bolokang dipolelo tsa buka ena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Empa la re ho nna: Se etse hoo; hobane ke molekane wa hao wa tshebeletso, le wa banabeno ba baporofeta, le wa ba bolokang dipolelo tsa buka ena. Kgumamela Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Lengeloi la re ho nna: “Se etse jwalo, hobane ke molekane wa hao wa bohlanka, le wa bana beno, baporofeta, le wa ba bolokang mantswe a buka ena. Kgumamela Modimo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Yaba o re ho nna: O se ke wa etsa jwalo, hobane ke mohlanka mmoho le wena, le wa banabeno ba baporofeta, le wa ba bolokang dipolelo tsa buka ena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 22:9
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re ho yena: Tsohle tseo ke tla o nea tsona, ha o ka itihela fatshe, wa kgumama pela ka.


Ha o ka nkgumamela, tsohle e tla ba tsa hao.


Mme re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe wa nnete, mme re ho yena wa nnete, e leng ho Mora wa hae Jesu Kreste. Enoa ke Molimo oa ’nete le bophelo bo sa feleng.


Tshenolo ya ga Jesu Keresete, e Modimo o e mo neileng, go bontsha batlhanka ba ona dilo tse di tshwanetseng go akofa di dirafala; mme a romela ka lengeloi la hae ho Johanne mohlanka wa hae.


A re: Ke nna Alfa le Omega, wa pele le wa morao, mme o re: Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o se romele ho dikereke tse supileng tse Asia; le Efese, le Smyrna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


La re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, le o tlotlise; hobane nako ya kahlolo ya hae e tlile, mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.


Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena, mme a tlotlisa lebitso la hao? hobane ke wena o nnotshi o halalelang: hobane ditjhaba tsohle di tla tla, di kgumame pela hao; hobane dikahlolo tsa hao di bonahatswa.


Yaba ke itihela maotong a hae ho mo kgumamela. A re ho nna: Bona, o se ke wa etsa jwalo;


A re ho nna: O se ke wa kwahela dipolelo tsa boporofeta ba buka ena, hobane nako e se e le haufi.


Hobane ke pakela e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsa boporofeta ba buka ena, ke re: Ekare ha motho a ka di ekeletsa, Modimo o tla mo ekeletsa ka dikotsi tse ngodilweng bukeng ena.


Bona, ke tla kapele: ho lehlohonolo ya bolokang dipolelo tsa boporofeta ba buka ena.


Baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba itihela fatshe pela Ya dutseng teroneng, mme ba kgumamela ya phelang ka ho sa feleng, mme ba lahlela meqhaka ya bona pela terone, ba re:


Le banna ba bang ba neng ba sa ka ba bolawa ke dikotsi tsena, ha ba a ka ba bakela mesebetsi ya matsoho a bona, hore ba se ke ba kgumamela batemona, le ditshwantsho tsa kgauta, le tsa silevera, le tsa koporo, le tsa lejwe, le tsa lehong a ka bona, leha e le ho utlwa, kapa a tsamaya;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ