Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 22:7 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Bona, ke tla kapele: ho lehlohonolo ya bolokang dipolelo tsa boporofeta ba buka ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Bona, ke se ke etla kapele! Ho lehlohonolo ya bolokang ditaba tsa boporofeta ba buka ena!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 “Bona, ke tla tla kapele. Ho lehlohonolo ya bolokang mantswe a boporofeta a bukeng ena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Bona, ke tla kapele: ho lehlohonolo ya bolokang dipolelo tsa boporofeta ba buka ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 22:7
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re: Ke nna Alfa le Omega, wa pele le wa morao, mme o re: Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o se romele ho dikereke tse supileng tse Asia; le Efese, le Smyrna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


Ho lehlohonolo ya balang, le ba utlwang mantswe a boporofeta bona, ba bolokang tse ngodilweng teng;


Bona, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, esere a tsamaya a le feela, mme ba bona dihlong tsa hae.


Bakang; ho seng joalo, ke tla tla ho uena kapele, ’me ke tla ba loantša ka sabole ea molomo oa ka.


Mme bona, ke tla kapele; mme moputso wa ka o ho nna, ho putsa e mong le e mong kamoo mosebetsi wa hae o tla ba kateng.


Hobane ke pakela e mong le e mong ya utlwang dipolelo tsa boporofeta ba buka ena, ke re: Ekare ha motho a ka di ekeletsa, Modimo o tla mo ekeletsa ka dikotsi tse ngodilweng bukeng ena.


Mme ekare ha motho a ka tlosa mantswe a buka ya boporofeta boo, Modimo o tla tlosa kabelo ya hae bukeng ya bophelo, le motseng o halalelang, le ho tse ngodilweng bukeng ena.


Ya pakang taba tseo o re: Ruri, ke tla kapele. Amen. Leha ho le jwalo, tloo, Morena Jesu.


Mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste o be le lona bohle. Amen.


Bona, ke tla kapele: tshwara seo o nang le sona, hore ho se be motho ya nkang moqhaka wa hao.


Hopola hle kamoo o amohetseng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake. Ka baka leo, ha o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tlang ho tla ho wena ka yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ