Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 22:19 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Mme ekare ha motho a ka tlosa mantswe a buka ya boporofeta boo, Modimo o tla tlosa kabelo ya hae bukeng ya bophelo, le motseng o halalelang, le ho tse ngodilweng bukeng ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Mme ekare ha e mong a tlosa ho hong dipolelong tsa boporofeta ba buka ena, Modimo o tla tlosa kabelo ya hae sefateng sa bophelo le motseng o halalelang tse ngodilweng bukeng ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Hape, haeba e mong a ka fokotsa ho hong mantsweng a boporofeta a bukeng ena, Modimo o tla mo amoha kabelo eo a nang le yona sefateng sa bophelo, le motseng o halalelang, e leng tse hlalositsweng bukeng ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Mme ekare ha motho a ka tlosa mantswe a buka ya boporofeta boo, Modimo o tla tlosa kabelo ya hae bukeng ya bophelo, le motseng o halalelang, le ho tse ngodilweng bukeng ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 22:19
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho madimabe lona, baruti ba molao! hobane le tlositse senotlolo sa tsebo;


Ho lehlohonolo ya balang, le ba utlwang mantswe a boporofeta bona, ba bolokang tse ngodilweng teng;


Empa lebala le kantle ho tempele o le tlohele, o se ke wa le lekanya; hobane e neilwe Baditjhaba: mme ba tla hatakela motse o halalelang ka maoto ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.


Mme bohle ba ahileng lefatsheng ba tla se kgumamela, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng ho tloha ho theweng ha lefatshe.


Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Ngola, o re: Ho lehlohonolo bafu ba shwelang Moreneng ho tloha jwale mme mesebetsi ya bona e a ba latela.


Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang a ke ke a etswa hampe ke lefu la bobedi.


Ya hlolang, mme a boloka mesebetsi ya ka ho isa qetellong, ke tla mo nea matla hodima ditjhaba.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang ke tla mo fa ho ja sefate sa bophelo, se kahara paradeise ya Modimo.


Yaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e motjha, o theoha lehodimong ho Modimo, o itokisitse jwaloka monyaduwa ya itlhophiseditseng monna wa hae.


Ya dutseng teroneng a re: Bonang, ntho tsohle ke di etsa tse ntjha. A re ho nna: Ngola, hobane dipolelo tsena ke tsa nnete, di a tshepeha.


Mme bona, ke tla kapele; mme moputso wa ka o ho nna, ho putsa e mong le e mong kamoo mosebetsi wa hae o tla ba kateng.


Mahareng a lepatlelo la wona, le mose o kwano ho noka, ho ne ho le sefate sa bophelo, se behang mefuta e leshome le metso e mmedi, se behang ditholwana tsa sona kgwedi le kgwedi; lichaba.


Bona, ke tla kapele: ho lehlohonolo ya bolokang dipolelo tsa boporofeta ba buka ena.


Ya hlolang ke tla mo etsa tshiya ka tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a sa tla hlola a etswa, mme ke tla ngola hodima hae lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e motjha ya theohang lehodimong ho Modimo wa ka: mme ke tla ngola hodima hae lebitso la ka le letjha.


Ya hlolang ke tla mo nea ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ