Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 22:11 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Ya sa lokang a a nne a etse tse sa lokang, ya ditshila a nne a itshilafatse, ya lokileng a nne a etse ho loka, le ya halalelang a nne a halalele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ya etsang ho sa lokang a nne a etse ho sa lokang; ya itshilafatsang a nne a itshilafatse; ya lokileng a eketse ho loka; le ya halalelang a nne a eketse ho halaletswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Tlohela ya etsang tse sa lokang a nne a etse tse sa lokang, ya silafetseng a ne a etse tse ditshila; ya lokileng a nne a etse tse lokileng, le ya halalelang a nne a halalele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Ya sa lokang a a nne a etse tse sa lokang, ya ditshila a nne a itshilafatse, ya lokileng a nne a etse ho loka, le ya halalelang a nne a halalele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 22:11
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba tloheleng: ke baetapele ba difofu ba difofu. Mme ekare ha sefofu se tsamaisa sefofu, di tla wela ka mokoting ka bobedi.


Eitse ha a bona sefate sa feiye se tseleng, a ya ho sona, mme a se ke a fumana letho ho sona, haese mahlaku feela; Mme hang sefate sa feiye sa omella.


Yare ba sa ya reka, monyadi a fihla; mme ba neng ba itokisitse ba kena le yena moketeng wa lenyalo, mme monyako wa koaloa.


Le tle le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o chabisetsa ba babe le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula.


Ho lehlohonolo ba lapetseng ho loka le ba nyoretsweng ho loka, hobane ba tla kgoriswa.


Jesu a boela a re ho bona: Ke a tsamaya, mme le tla mpatla, mme le tla shwela dibeng tsa lona;


e le hore a tle a itlhomele phutheho e khanyang, e se nang letheba, kapa lesokoana, leha e le ntho e joalo; empa e tle e be e halalelang, e se nang sekodi.


Mmeleng wa nama ya hae ka lefu, a tle a le hlahise pela hae le halalela, le hloka sekodi, le sa nyatsehe.


Empa batho ba kgopo le bathetsi ba tla nne ba feteletse bobeng, ba kgelohe, mme ba ntse ba kgeloha.


Ho yena ya nang le matla a ho le boloka le se ke la wa, le ho le hlahisa le se na sekodi pela sefahleho sa hae, ka thabo e kgolo.


Sefako se seholo, se boima ba dikilo tse mashome a mane se ne se etswa lehodimong, sa wela hodima batho; hobane kotlo ya teng e ne e le kgolo ka ho fetisisa.


Ha ho sa tla hlola ho eba le thohako, empa terone ya Modimo le ya Konyana e tla ba ho wona; mme bahlanka ba hae ba tla mo sebeletsa;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ