Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 21:27 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Ho ke ke ha kena teng letho le ditshila, leha e le mang le mang ya etsang manyala, le leshano, haese ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ha ho ntho e ditshila e tla kena teng, leha e le ba etsang manyala le leshano, ho tla kena ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Ha ho letho le ilehang le tla kena ho wona, leha e le mang kapa mang ya etsang tse manyala, le tseo e seng tsa nnete, empa ho wona ho tla kena feela bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo ea Konyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Ho ke ke ha kena teng letho le ditshila, leha e le mang le mang ya etsang manyala, le leshano, haese ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 21:27
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mora motho o tla roma mangeloi a hae, mme a tla bokella ho tswa mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo;


Eitse ha ba bona ba bang ba barutuwa ba hae ba eja bohobe ka matsoho a ditshila, ke ho re, a sa hlatsuwang, ba bona molato.


Leha ho le jwalo, le se ke la thabela hoo, ha meya e le tlasa lona; le mpe le thabe, hobane mabitso a lona a ngodilwe lehodimong.


Hobane le a tseba hore ha ho sehlola, leha e le ya ditshila, leha e le motho ya meharo, e leng morapeli wa medimo ya bohata, ya nang le kabelo mmusong wa Kreste le Modimo.


Le wena, molekane wa sebele jokong, ke a o rapela, o thuse basadi bao ba ntlafaditseng Evangeling, hammoho le Klemense, le basebetsi mmoho le nna, bao mabitso a bona a ngotsweng bukeng ya bophelo.


Ke dihlola, le ba itshilafatsang le batho, le mashodu, le batho ba leshano, le ba hlapanyeditseng ka bohata, le ha ho le ntho esele e hananang le thuto e phelang;


Latelang kgotso le batho bohle, le kgalalelo, eo ho seng motho ya tla bona Morena kantle ho yona.


Empa rona, ho ya ka pallo ya wona, re lebeletse mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, moo ho loka ho ikahetseng teng.


Mme bohle ba ahileng lefatsheng ba tla se kgumamela, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng ho tloha ho theweng ha lefatshe.


Ka bona bafu, ba banyenyane le ba baholo, ba eme pela Modimo; mme dibuka tsa phetlwa: mme buka e nngwe ya phetlwa, e leng buka ya bophelo: mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, ho ya ka mesebetsi ya bona.


Mme e mong le e mong ya sa kang a fumanwa a ngotswe bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.


Empa ba boi, le ba sa lumeleng, le ba manyala, le babolai, le lihlola, le baloi, le barapeli ba litšoantšo, le bohle ba leshano, kabelo ea bona e tla ba letšeng le tukang mollo le sebabole: e leng lefu la bobeli.


Ya hlolang o tla apeswa diaparo tse tshweu; mme nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, empa ke tla bolela lebitso la hae pela Ntate le pela mangeloi a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ