Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 21:23 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Motse o ne o sa hloke letsatsi, leha e le kgwedi ho o bonesetsa, hobane kganya ya Modimo e ne e o bonesa, mme lesedi la wona ke Konyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Motse ha o na ho boneswa ke letsatsi le kgwedi; hobane o boneswa ke kganya ya Modimo, mme Konyana ke lebone la wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Motse ha o hloke letsatsi kapa kgwedi ho o bonesetsa, hobane tlotla ya Modimo e a o kgantshetsa, mme lebone la wona ke Konyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 Motse o ne o sa hloke letsatsi, leha e le kgwedi ho o bonesetsa, hobane kganya ya Modimo e ne e o bonesa, mme lesedi la wona ke Konyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 21:23
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Mang kapa mang ya tla hlajwa ke dihlong ka nna le ka dipolelo tsa ka molokong ona o mofebi, o moetsadibe. Mora motho le yena o tla hlajwa ke dihlong ka yena, mohla a tlang ka kganya ya Ntatae a ena le mangeloi a halalelang.


lesedi la ho bonesetsa ditjhaba, le kganya ya setjhaba sa hao sa Iseraele.


Lentswe le ne le etswe nama, la aha hara rona, mme ra bona kganya ya lona, kganya e kang ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate, a tletse mohau le nnete.


Ha ho motho ya kileng a bona Modimo; Mora ea tsoetsoeng a ’notši, ea sefubeng sa Ntate, ke eena ea re senoletseng.


Bophelo bo ne bo le ka ho yena; mme bophelo e ne e le lesedi la batho.


Lesedi la nnete e ne e le lona, le bonesetsang motho e mong le e mong ya tlang lefatsheng.


Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be le nna; hore ba tle ba bone kganya ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile pele lefatshe le thewa.


Hore bohle ba hlomphe Mora, jwalokaha ba hlompha Ntate. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntate ya mo romileng.


Eitse ha ke sitwa ho bona ka baka la kganya ya lesedi leo, ka hulwa ka letsoho ke ba neng ba ena le nna, ka ya Damaseka.


Bana ke ba sa kang ba itshilafatsa ka basadi; hobane ke barwetsana. Ke bona ba latelang Konyana hohle moo e yang teng. Bao ba lopolotswe hara batho, e le dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.


Kamora tseo, ka bona lengeloi le leng le theoha lehodimong, le ena le matla a maholo; mme lefatshe la boneswa ke kganya ya hae.


O na le kganya ya Modimo, mme lesedi la wona le ne le le jwaloka lejwe la bohlokwa ka ho fetisisa, le ka kang lejwe la jaspere le benyang jwaloka lehakwe;


Mme dikgoro tsa teng di ke ke tsa kwalwa ho hang motshehare, hobane bosiu ha bo sa tla ba teng.


Mme ha ho sa tla hlola ho eba bosiu teng; mme ha ba hloke lebone, leha e le lesedi la letsatsi; hobane Morena Modimo o ba bonesetsa: mme ba tla busa kamehla le mehla.


Ka tadima, mme, ka bona, mahareng a terone le dibopuwa tse phelang tse nne, le mahareng a baholo, ho eme Konyana, e kang e hlabilwe, e na le dinaka tse supileng le mahlo a supileng, e leng Meya e supileng ya moya. Modimo a romela lefatsheng lohle.


Hobane Konyana e mahareng a terone e tla ba disa, mme e tla ba isa didibeng tsa metsi a phelang, mme Modimo o tla hlakola meokgo yohle mahlong a bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ