Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 20:6 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ho lehlohonolo, ho halalela ba nang le kabelo tsohong ya pele; lefu la bobedi ha le na matla hodima ba jwalo, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena ka dilemo tse sekete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ho lehlohonolo, ho halaletse ba nang le kabelo tsohong ya pele; hobane lefu la bobedi ha le na matla hodima ba jwalo, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena dilemo tse sekete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Ho lehlohonolo, mme ho halalela ba nang le kabelo tsohong ya pele ya bafu. Lefu la bobedi ha le sa na matla hodima bona, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena ka dilemo tse sekete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Ho lehlohonolo, ho halalela ba nang le kabelo tsohong ya pele; lefu la bobedi ha le na matla hodima ba jwalo, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena ka dilemo tse sekete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 20:6
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E mong wa ba dutseng dijong le yena, ha a utlwa taba tseo, a re ho yena: Ho lehlohonolo ya tla ja bohobe mmusong wa Modimo!


Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela ka mehauhelo ya Modimo, hore le hlahise mebele ya lona e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Modimo, e leng tshebeletso ya lona ya kelello.


Mme ha re le bana, ke majalefa; majalefa a Modimo, majalefa mmoho le Kreste; ha ekaba re utlwa bohloko le yena, re tle re tlotliswe le yena.


Haeba re mamella, le rona re tla busa le yena;


Le lona, jwaloka majwe a phelang, le hahilwe ntlo ya moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a amohelehang ho Modimo ka Jesu Kreste.


Empa lona, le moloko o kgethilweng, baprista ba marena, setjhaba se halalelang, setjhaba sa ho kgetheha; hore le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng ho le ntsha lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang.


O re entse marena le baprista ba ho Modimo Ntata wona; ho eena e be khanya le matla ka ho sa feleng le kamehla. Amen.


Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Ngola, o re: Ho lehlohonolo bafu ba shwelang Moreneng ho tloha jwale mme mesebetsi ya bona e a ba latela.


Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang a ke ke a etswa hampe ke lefu la bobedi.


Lefu le dihele tsa akgelwa letsheng la mollo. Lena ke lefu la bobedi.


Empa ba boi, le ba sa lumeleng, le ba manyala, le babolai, le lihlola, le baloi, le barapeli ba litšoantšo, le bohle ba leshano, kabelo ea bona e tla ba letšeng le tukang mollo le sebabole: e leng lefu la bobeli.


Mme ha ho sa tla hlola ho eba bosiu teng; mme ha ba hloke lebone, leha e le lesedi la letsatsi; hobane Morena Modimo o ba bonesetsa: mme ba tla busa kamehla le mehla.


Bona, ke tla kapele: ho lehlohonolo ya bolokang dipolelo tsa boporofeta ba buka ena.


Ya hlolang ke tla mo nea ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


Wa re etsa marena le baprista ho Modimo wa rona, mme re tla busa hodima lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ