Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 20:10 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo sebata le moporofeta wa bohata ba leng teng, mme ba tla hlokofatswa bosiu le motsheare ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Mme Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo ho seng ho le sebata le moporofeta wa bohata, mme ba tla hlokofatswa motshehare le bosiu, ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Diabolosi, ya di kgelositseng, a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo sebatana le moporofeta wa bohata ba leng teng. Ba tla hlokofatswa motsheare le bosiu, kamehla le mehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo sebata le moporofeta wa bohata ba leng teng, mme ba tla hlokofatswa bosiu le motsheare ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 20:10
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae;


Bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.


Hlokomelang baporofeta ba bohata, ba tlang ho lona ba apere seaparo sa nku, empa ka hare e le diphiri tse harolang.


moo seboko sa bona se sa shoeng, le mollo o sa timeng.


Ka bona meya e meraro e ditshila, e kang dihoho, e etswa molomong wa drakone, le molomong wa sebata, le molomong wa moporofeta wa bohata.


Sebata sa tshwarwa, hammoho le moporofeta wa bohata, ya entseng mehlolo pela sona, eo ka yona a kgelositseng ba amohetseng letshwao la sebata, le ba kgumamelang setshwantsho sa sona. Bao ka bobedi ba akgelwa ba ntse ba phela letsheng la mollo o tukang sebabole.


Mme o tla tswa ho ya kgelosa ditjhaba tse dipheletsong tse nne tsa lefatshe, Gogo le Magogo, ho di bokella ho ya lwana, bao palo ya bona e ka kang lehlabathe la lewatle.


Yaba ke bona dipere ponong, le ba e palameng, ba e-na le diiphemelo tsa sefuba tsa mollo, le tsa jacinthe, le sebabole; mme melomong ya tsona ho ne ho tswa mollo le mosi le sebabole.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ