Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 2:24 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Empa ke re ho lona, le ba bang ba Thiatire, ba se nang thuto eo, ba sa kang ba tseba matebo a Satane, kamoo ba a bolelang kateng; nke ke ka le bea mojaro o mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Haele lona, le ba bang ba Thiatire, ba sa yeng ka thuto eo, ba sa kang ba tseba matebo a Satane, kamoo ba a bitsang kateng, ke a le bolella hore nke ke ka le bea boima bo bong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Empa ho lona bohle ba Thiatira ba sa amoheleng thuto ena, le ba sa tsebeng hoo ho thweng ke bofihla ba Satane, ke re: Ha ke le belese mojaro o mong hape.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Empa ke re ho lona, le ba bang ba Thiatire, ba se nang thuto eo, ba sa kang ba tseba matebo a Satane, kamoo ba a bolelang kateng; nke ke ka le bea mojaro o mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 2:24
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Moya o Halalelang le rona re bone ho le molemo hore re se ke ra le bea moroalo o mong, haese tseo tse hlokahalang;


Jwale mosadi e mong ya bitswang Lidia, morekisi wa diaparo tse pherese, wa motseng wa Thiatire, ya tshabang Modimo, ya neng a rapela Modimo, a re utlwa, eo pelo ya hae e neng e bulehile, hore a ele hloko tse bolelwang ke Pauluse.


Empa Modimo o di senoletse rona ka Moya wa hae, hobane Moya o batlisisa dintho tsohle, le tse tebileng tsa Modimo.


Empa ke tšaba hore ka tsela efe kapa efe, joalokaha noha e ile ea eka Eva ka mano a eona, likelello tsa lōna li ka senyeha hore li tlohe botšepehing bo ho Kreste.


Satane a tle a se ke a re qhekella; hobane ha re ba hlokang tsebo ka merero ea hae.


Bohlale bona ha bo tswe hodimo, empa ke ba lefatshe, ba nama, ba bodiabolose.


A re: Ke nna Alfa le Omega, wa pele le wa morao, mme o re: Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o se romele ho dikereke tse supileng tse Asia; le Efese, le Smyrna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, mothetsi wa lefatshe lohle, ya dihelwa; ya dihelwa fatshe, le mangeloi a yona.


Se kgelosa ba ahileng lefatsheng ka mehlolo eo se filweng matla a ho e etsa pontsheng ya sebata; sa bolella ba ahileng lefatsheng, hore ba etsetse sebata setshwantsho, se nang le leqeba la sabole, mme sa phela.


Ke tseba mesebetsi ya hao, le moo o ahileng teng, e leng moo terone ya Satane e leng teng; mme o tiiseditse lebitso la ka, mme ha o a ka wa latola tumelo ya ka, mehleng eo Antipase e neng e le paki ya ka e tshepehang, ya ileng a bolawa hara lona, moo Satane a ahileng teng.


Ngolla lengeloi la kereke ya Thiatire; Ke tsena tse bolelwang ke Mora wa Modimo, eo mahlo a hae a leng jwaloka kgabo ya mollo, le maoto a hae a leng jwaloka koporo e benyang;


Ke tseba mesebetsi ya hao, le matshwenyeho a hao, le bofutsana ba hao, (empa o ruile), mme ke tseba le dinyefolo tsa ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, empa e le sinagoge ya Satane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ