Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 2:23 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Bana ba hae ke tla ba bolaya ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo, mme ke tla nea e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Ke tla bolaya bana ba hae; dikereke tsohle di tla tseba hore ke nna ya bonang se ka mehopolong le ka dipelong tsa batho, mme ke putsa e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 Bana ba hae ke tla ba bolaya ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo, mme ke tla nea e mong le e mong wa lona ho ya ka mesebetsi ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 2:23
39 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


A re ho bona: Ke lona ba ipeileng ba lokileng pela batho; empa Modimo o tseba dipelo tsa lona;


A re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke ha a itse ho yena la boraro, a re: O a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o a tseba hobane ke a o rata. Jesu a re ho yena: Fepa dinku tsa ka.


Jesu a re ho yena: Eya, o bitse monna wa hao, o tle kwano.


Ba rapela, ba re: “Morena, wena ya tsebang dipelo tsa batho bohle, bontsha hore na ho ba babedi bao o mo kgethile ofe?


Kahoo e mong le e mong wa rona o tla ikarabela ho Modimo.


Mme ya lekolang dipelo, o tseba mohopolo wa Moya, hobane o rapella bahalaledi ho ya ka thato ya Modimo.


Hobane bohle re na le ho hlaha pela setulo sa kahlolo sa Kreste; e le hore e mong le e mong a tle a amohele mesebetsi ya mmele ya hae, ho ya ka seo a se entseng, leha e le se setle kapa se sebe.


Hobane e mong le e mong o tla jara phahlo ya hae.


Le teng ha ho sebopuwa se sa bonahaleng mahlong a wona, empa tsohle di hlobotse, di tutubolohile mahlong a eo re nang le taba le yena.


Mme ekare ha le rapela Ntate ya ahlolang ka ho ya ka mesebetsi ya e mong le e mong a sa ye ka tshobotsi, le fedise nako ya ho jaka ha lona mona ka tshabo.


Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang a ke ke a etswa hampe ke lefu la bobedi.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang ke tla mo fa ho ja sefate sa bophelo, se kahara paradeise ya Modimo.


Ka bona bafu, ba banyenyane le ba baholo, ba eme pela Modimo; mme dibuka tsa phetlwa: mme buka e nngwe ya phetlwa, e leng buka ya bophelo: mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, ho ya ka mesebetsi ya bona.


Lewatle la ntsha bafu ba ho lona; mme lefu le nqalo ya bafu tsa ntsha bafu ba ho tsona: mme ba ahlolwa e mong le e mong ka mesebetsi ya hae.


Mme bona, ke tla kapele; mme moputso wa ka o ho nna, ho putsa e mong le e mong kamoo mosebetsi wa hae o tla ba kateng.


Yaba ke a tadima, ka bona pere e tshehla, mme ya e kaletseng lebitso la hae e le Lefu, mme Dihele tsa latela le yena. Mme ba newa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe, ho bolaya ka sabole, le ka tlala, le ka lefu, le ka dibatana tsa lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ