Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 2:18 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Ngolla lengeloi la kereke ya Thiatire; Ke tsena tse bolelwang ke Mora wa Modimo, eo mahlo a hae a leng jwaloka kgabo ya mollo, le maoto a hae a leng jwaloka koporo e benyang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ngolla lengeloi la kereke ya Thiatire, o re: Ke tsena tse bolelwang ke Mora Modimo, eo mahlo a hae a leng jwaloka kgabo ya mollo, le maoto a hae a tshwanang le koporo e benyang:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 “Ngolla moruti wa kereke e Thiatira, o re: “Tsena di bolelwa ke Mora wa Modimo, eo mahlo a hae a kang malakabe a mollo, le maoto a hae a benyang jwaloka lethose,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Ngolla lengeloi la kereke ya Thiatire; Ke tsena tse bolelwang ke Mora wa Modimo, eo mahlo a hae a leng jwaloka kgabo ya mollo, le maoto a hae a leng jwaloka koporo e benyang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 2:18
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re a sa bua, bonang, leru le kganyang la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng.


Yare ha molaodi wa lekgolo le ba nang le yena, ba lebela Jesu, ba bona tshisinyeho ya lefatshe le tse etsahetseng, ba tshoha haholo, ba re: Kannete eo e ne e le Mora wa Modimo.


Jwale lentswe le tswang lehodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


Lengeloi la araba, la re ho yena: Moya o Halalelang o tla theohela hodima hao, mme matla a Ya hodimodimo a tla o kwahela;


Lentswe le ne le etswe nama, la aha hara rona, mme ra bona kganya ya lona, kganya e kang ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate, a tletse mohau le nnete.


Nathanaele a araba, a re ho yena: Rabbi, o Mora wa Modimo; o Kgosi ya Iseraele.


Le re ka yena eo Ntate a mo halaleditseng, mme a mo romela lefatsheng, o re: O a nyefola; hobane ke itse, ke Mora wa Modimo?


Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


Yo o dumelang mo go ene ga a atlholwe, mme yo o sa dumeleng o setse a atlhotswe, ka a sa dumela mo leineng la Morwa Modimo yo o tsetsweng a le esi.


Kannetenete ke re ho lona: Nako e a tla, mme e se e fihlile, eo bafu ba tla utlwa lentswe la Mora wa Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.


Jwale mosadi e mong ya bitswang Lidia, morekisi wa diaparo tse pherese, wa motseng wa Thiatire, ya tshabang Modimo, ya neng a rapela Modimo, a re utlwa, eo pelo ya hae e neng e bulehile, hore a ele hloko tse bolelwang ke Pauluse.


Yare ha ba ntse ba tsamaya tseleng, ba fihla moo metsi a leng teng, mme leqhalaha la re: Bona, metsi ke ana; se nthibelang ho kolobetswa keng?


mme a bonahatswa ka matla hore ke Mora wa Modimo, ka moya o halalelang, ka tsoho ya bafu.


Yena ya sa kang a qenehela Mora wa hae, wa mpa a mo nehelana ka yena bakeng sa rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle jwang le yena?


A re: Ke nna Alfa le Omega, wa pele le wa morao, mme o re: Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o se romele ho dikereke tse supileng tse Asia; le Efese, le Smyrna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


Ngolla lengeloi la kereke e Efese; Ke tsena tse bolelwang ke ya tshwereng dinaledi tse supileng ka letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta;


Empa ke re ho lona, le ba bang ba Thiatire, ba se nang thuto eo, ba sa kang ba tseba matebo a Satane, kamoo ba a bolelang kateng; nke ke ka le bea mojaro o mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ