Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 2:14 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Empa ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena, ke hobane o na le ba kgomaretseng thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, hore ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Empa ke na le ditaba tse seng kae, tseo ke di nyatsang ho wena: ke hobane mona o na le ba yang ka thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, ba tle ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 “Leha ho le jwalo, ho na le tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena. Moo haeno, o na le ba kgomaretseng thutong ya Bileame, ya ileng a ruta Balake ho dihela bana ba Iseraele sebeng, ka ho re ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, ba etse le bohlola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Empa ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena, ke hobane o na le ba kgomaretseng thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, hore ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 2:14
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso! gonne dikgopiso di tshwanetse go tla; empa ho madimabe motho eo kgopiso e tlang ka yena!


Ke hore le ile dintho tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le tse fenethilweng, le bohlola; Dumelang hantle.


Haele baditjhaba ba dumetseng, re ba ngoletse, ra ba ra rera hore ba se ke ba boloka tse jwalo, haese feela hore ba ipoloke dinthong tse hlabetsweng medimo ya bohata, le madi, le tse fenethilweng, le bohlola.


Davida o itse: Tafole ya bona e ke e etswe sefi, le sefi, le kgopiso, le tefetso ho bona.


Ka baka leo, a re se keng ra hlola re ahlolana;


Ho hotle ho se je nama, kapa ho se nwe veine, leha e le ntho efe kapa efe eo ngwaneno a ka kgopisang ka yona, kapa a kgoptjwa, kapa a fokola.


Hobaneng? Hobane ba ne ba sa e batla ka tumelo, empa e le ka mesebetsi ya molao. Hobane ba ile ba kgoptjwa ke lejwe la kgopiso;


Empa rona re bolela Kreste ya thakgisitsweng, ho Bajuda ke kgopiso, ho Bagerike ke booatla;


Leha ho le joalo, ka lebaka la bohlola, monna e mong le e mong a be le mosali oa hae, le mosali e mong le e mong a be le monna oa hae.


Lenyalo le ke le hlomphehe ho bohle, le diphate di hloke ditshila; empa Modimo o tla ahlola dihlola le bafebi.


Le lejwe le kgopang, le lefika la kgopiso, ho ba kgopjwang ke lentswe, ba sa utlwe;


ba furaletseng tsela e lokileng, ba kgelohile ka ho latela tsela ya Balaame, mora Bosore, ya ratileng moputso wa bokgopo;


Ho malimabe bona! hobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba mathela phosong ya Balaame ka meharo, ba batla moputso, mme ba timetse ka ketso ya Kora.


Leha ho le jwalo, ke na le ditaba tse seng kae tseo ke di nyatsang ho wena, ke hobane o dumella mosadi eo Jesebele, ya ipitsang moporofeta wa mosadi, ho ruta le ho kgelosa bahlanka ba ka, hore ba etse bohlola, le ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata.


Leha ho le jwalo, ke na le seo ke se nyatsang ho wena, ke hobane o lahlile lerato la hao la pele.


Empa ba boi, le ba sa lumeleng, le ba manyala, le babolai, le lihlola, le baloi, le barapeli ba litšoantšo, le bohle ba leshano, kabelo ea bona e tla ba letšeng le tukang mollo le sebabole: e leng lefu la bobeli.


Ka ntle ho na le dintja, le baloi, le dihlola, le babolai, le ba rapelang medimo ya bohata, le mang kapa mang ya ratang leshano le a le etsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ