Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 14:7 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 La re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, le o tlotlise; hobane nako ya kahlolo ya hae e tlile, mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 la re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, isang kganya ho wona, hobane nako ya ho ahlola ha wona e tlile; mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 La bua ka lentswe le phahameng, la re: “Tshabang Modimo, le mo tlotlise, hobane nako ya hae ya ho ahlola e se e fihlile. Kgumamelang ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 La re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, le o tlotlise; hobane nako ya kahlolo ya hae e tlile, mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 14:7
44 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe letsatsi kapa hora eo Mora motho a tla tla ka yona.


Ha ho a fumanwa ba kgutletse ho tlotlisa Modimo, haese moditjhaba enwa.


Ba re: Benghadi, ke ka baka lang ha le etsa dintho tsee? Le rōna re batho ba nang le maikutlo a tšoanang le a lōna, ’me re le bolella litaba tse molemo hore le furalle lintho tsena tsa lefeela le fetohele ho Molimo o phelang, o entseng leholimo le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.


Ka yona nako eo ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, mme karolo ya leshome ya motse ya wa, mme tshisinyehong eo ha bolawa batho ba dikete tse supileng, mme ba setseng ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo wa lehodimo.


Mme ditjhaba tsa halefa, mme kgalefo ya hao e tlile, le nako ya bafu ya ho ahlolwa, le hore o nee bahlanka ba hao baporofeta, le bahalaledi, le ba tshabang lebitso la hao moputso o monyenyane le leholo; le ho senya ba senyang lefatshe.


Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena, mme a tlotlisa lebitso la hao? hobane ke wena o nnotshi o halalelang: hobane ditjhaba tsohle di tla tla, di kgumame pela hao; hobane dikahlolo tsa hao di bonahatswa.


Batho ba tjheswa ke mocheso o moholo, mme ba nyefola lebitso la Modimo o nang le matla hodima dikotsi tsena, mme ha ba ka ba baka ho mo tlotlisa.


A ema hojana, ka baka la ho tshaba tlhokofatso ya wona, a re: Jo! hobane kahlolo ya hao e tlile ka hora e le nngwe.


Hobane ka hora e le nngwe, maruo a maholo hakalo a fedile. Mme bohle ba tsamaisang dikepe, le letshwele lohle la dikepe, le basesisi ba dikepe, le bohle ba hwebang lewatleng, ba ema hojana.


Ba ithulela lerole dihloohong, ba howa, ba lla, ba bokolla, ba re: Jo! hobane ka hora e le nngwe o fetohile lesupi.


Lentswe la tswa teroneng, la re: Rorisang Modimo wa rona, lona bahlanka ba wona bohle, le lona ba o tshabang, ba banyenyane le ba baholo.


Morena, o loketswe ke ho newa kganya, le hlompho, le matla;


Mme etlare ha dibatana tseo di tlotlisa Ya dutseng teroneng, ya phelang ka ho sa feleng, le hlompho, le diteboho.


Lengeloi la boraro la letsa terompeta, mme ha wa lehodimong naledi e kgolo, e tukang jwaloka lebone, mme ya wela hodima karolo ya boraro ya dinoka le hodima liliba tsa metsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ