Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 14:6 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ka bona lengeloi le leng le fofa mahareng a lehodimo, le tshwere Evangeli e sa feleng, ho e bolella ba ahileng lefatsheng, le ditjhaba tsohle, le mefuta yohle, le dipuo tsohle, le merabe yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hape, ka bona lengeloi le leng le fofang mahareng a lehodimo, le tshwere Evangeli ya kamehla le mehla ho e bolella ba ahileng lefatsheng, le ditjhaba tsohle, le mefuta yohle, le dipuo tsohle, le merabe yohle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Jwale ka bona lengeloi le leng le fofa hodimodimo, sebakeng, le ilo phatlalatsa molaetsa o molemo, o sa feleng, ho baahi ba lefatshe, ba mefuta yohle, le ba meloko yohle, le ba dipuo tsohle, le ba ditjhaba tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Ka bona lengeloi le leng le fofa mahareng a lehodimo, le tshwere Evangeli e sa feleng, ho e bolella ba ahileng lefatsheng, le ditjhaba tsohle, le mefuta yohle, le dipuo tsohle, le merabe yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 14:6
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Se ke le bolellang sona lefifing, le se bue leseding;


A re ho bona: Eyang ka lefatshe lohle, le bolelle babopuwa bohle Evangeli.


Jwale, ho yena ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le ka thero ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se patilwe ho tloha mehleng ya boholoholo.


Ekare ha le tiisetsa tumelong, le theilwe, le tiile, mme le sa suthe tshepong ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e bolellwang dibopuwa tsohle tse tlasa lehodimo; eo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa yona;


Jwale, Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo, Ntata rona, ya re ratileng, mme ka mohau wa rona a re nea matshediso a sa feleng le tshepo e molemo.


Jwale Modimo wa kgotso, o tsositseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,


Empa lentswe la Morena le hlola ka ho sa feleng. Ke lona lentswe le boletsweng ka Evangeli.


A re ho nna: E ka kgona o boele o porofete merabe, le ditjhaba, le dipuo, le marena.


Empa mehleng ya lentswe la lengeloi la bosupa, ha le letsa terompeta ya lona, diphiri tsa Modimo di tla be di phethehile, jwalokaha a ne a boleletse bahlanka ba wona baporofeta.


Sa newa ho lwantsha bahalaledi, le ho ba hlola, mme sa newa matla hodima mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba ditjhaba tsohle.


Kahobane o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o boloka nakong ya moleko, o tlang ho tlela lefatshe lohle, ho leka ba ahileng lefatsheng.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O lokelwa ke ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; sechaba;


Ka tadima, mme ka utlwa lengeloi le fofang mahareng a lehodimo, le bua ka lentswe le phahameng, le re: Ho madimabe, ho madimabe, ho madimabe ba ahileng lefatsheng ka baka la mantswe a mang a terompeta ya mangeloi a mararo a sa ntseng a le teng ho utloahala!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ