Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 14:4 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Bana ke ba sa kang ba itshilafatsa ka basadi; hobane ke barwetsana. Ke bona ba latelang Konyana hohle moo e yang teng. Bao ba lopolotswe hara batho, e le dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Bao ke ba sa kang ba itshilafatsa le basadi; hobane ba sa le jwaloka mohla ba hlahang. Ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng; ke ba lopolotsweng hara batho, e be dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Bana ke bao esaleng ba hlwekile, ba sa kang ba itshilafatsa ka basadi; ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng. Bana ba lopolotswe hara batho, ho ba nyehelo ya pele ho Modimo le ho Konyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Bana ke ba sa kang ba itshilafatsa ka basadi; hobane ke barwetsana. Ke bona ba latelang Konyana hohle moo e yang teng. Bao ba lopolotswe hara batho, e le dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 14:4
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane ho na le maqhalaha a tswetsweng jwalo ho tloha popelong ya bomma bona; hape ho na le maqhalaha a entsweng maqhalaha ke batho, mme ho na le ba ikentseng maqhalaha ka baka la mmuso wa mahodimo. Ea khonang ho e amohela, a e amohele.


Mohlang oo mmuso wa mahodimo o tla tshwantshwa le barwetsana ba leshome, ba nkileng mabone a bona, ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi.


Mongodi e mong a tla, a re ho yena: Moruti, ke tla o latela hohle moo o yang teng.


Linku tsa ka li utloa lentsoe la ka, ’me kea li tseba, ’me lia ntatela.


Ekare ha motho a ntshebeletsa, a ntatele; mme moo ke leng teng, le mohlanka wa ka o tla ba teng;


Petrose a re ho yena: Morena, nke ke ka o latela jwang jwale? Ke tla tela bophelo ba ka ka baka la hao.


Jesu a buša a bolela le bona a re: Ke nna seetša sa lefase;


Itebeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo, eo o ithuetseng yona ka madi a hae.


Bana beso, ke a le rapela: Le a tseba ba ntlo ya Setefanase hore ke dithakangwaha tsa Akaya, le hoba ba ikahetse tshebeletso ya bahalaledi;


Empa ha o ka nyala, ha o a etsa sebe; le morwetsana ha a ka nyalwa, ha a etse sebe. Leha ho le jwalo, ba jwalo ba tla ba le bothata nameng;


eo e leng tebeletso ya lefa la rona, ho isa topollong ya letlotlo, e be thoriso ya kganya ya wona.


e le hore a tle a itlhomele phutheho e khanyang, e se nang letheba, kapa lesokoana, leha e le ntho e joalo; empa e tle e be e halalelang, e se nang sekodi.


Ba iletsa batho ho nyala, ba re ho ilwe dijo, tseo Modimo o di entseng hore di amohelwe ka teboho ke ba dumelang, ba tsebang nnete.


Ho phutheho e kgolo, le kereke ya matsibolo a ngodilweng lehodimong, le ho Modimo Moahlodi wa bohle, le ho meya ya ba lokileng ba phethehileng,


Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, hore re tle re be mofuta wa dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.


Empa lona, le moloko o kgethilweng, baprista ba marena, setjhaba se halalelang, setjhaba sa ho kgetheha; hore le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng ho le ntsha lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang.


Bana ba tla lwana le Konyana, mme Konyana e tla ba hlola, hobane ke Morena wa marena, le Morena wa marena, mme ba nang le yona ke ba bitsitsweng, ba kgethilweng, le ba tshepehang.


Mme ha ke a ka ka bona tempele teng, hobane Morena Modimo ya matla wohle le Konyana ke tempele ya wona.


Motse o ne o sa hloke letsatsi, leha e le kgwedi ho o bonesetsa, hobane kganya ya Modimo e ne e o bonesa, mme lesedi la wona ke Konyana.


O na le mabitso a seng makae le Sarda ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona; mme ba tla tsamaya le nna ba apere bosweu, hobane ba tshwaneleha.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O lokelwa ke ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; sechaba;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ