Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 14:13 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Ngola, o re: Ho lehlohonolo bafu ba shwelang Moreneng ho tloha jwale mme mesebetsi ya bona e a ba latela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Ngola: Ho lehlohonolo bafu ba shwelang Moreneng ho tloha jwale! Moya o re: E, hoba ba ya phomola mesebetsing ya bona; hobane mesebetsi ya bona e a ba latela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re: “Ngola. Ho tloha jwale, ho lehlohonolo bafu ba shwetseng tshebeletsong ya Morena.” “E,” ho rialo Moya, “ba tla phomotswa mekgathaleng ya bona, hobane mesebetsi ya bona e tla ba sala morao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Yaba ke utlwa lentswe le tswang lehodimong, le re ho nna: Ngola, o re: Ho lehlohonolo bafu ba shwelang Moreneng ho tloha jwale. mme mesebetsi ya bona e a ba latela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 14:13
41 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale lentswe le tswang lehodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


Empa Abrahama a re: Ngwanaka, hopola hobane o amohetse tse molemo tsa hao bophelong ba hao;


Mme nna ke re ho lona: Iketsetseng metswalle ka Mamona o sa lokang; e le hore, ha le hloleha, ba le amohele meahong e sa feleng.


Hobane leha re phela, re phelela Morena; mme leha re eshwa, re shwela Morena;


Jwale le bona ba ithobaletseng ho Kreste ba timetse.


Empa jwale, Kreste o tsohile bafung, mme o beilwe thakangwaha ya ba robetseng.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, le tiye, le se ke la sisinyeha, le atlehise kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hore mosebetsi wa lona hase wa lefeela Moreneng.


Re na le tshepo, ke rialo, mme re rata ho ka mpa ra ba sieo mmeleng, ho ya ba teng le Morena.


Ee, le fa ke ka ntshiwa mo setlhabelong le mo tirelong ya tumelo ya lona, ke a itumela, mme ke ipela le lona lotlhe.


Hobane ha re dumela hoba Jesu o shwele, a ba a tsoha, ka mokgwa o jwalo le ba ithobaletseng ho Jesu, Modimo o tla ba tlisa le yena.


Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka mohoo, ka lentswe la arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.


Ya re shwetseng, hore, leha re fadimehile, leha re robetse, re tle re phele le yena.


Dibe tsa batho ba bang di pepeneneng, di ba etella pele ho isa kahlolong; mme ba bang ba ba latela.


Ka mokgwa o jwalo le mesebetsi e metle e bonahala e sa le pele; mme tse di seng jalo ga di ka ke tsa fitlhega.


A re: Ke nna Alfa le Omega, wa pele le wa morao, mme o re: Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o se romele ho dikereke tse supileng tse Asia; le Efese, le Smyrna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


Yare ha diaduma tse supileng di utlwahatsa mantswe a tsona, ka re ke a ngola, mme ka utlwa lentswe le tswang lehodimong le re ho nna: Kwahela tse boletsweng ke diaduma tse supileng, mme o se ke wa di ngola.


Lengeloi la bosupa la letsa; mme ha utlwahala mantswe a maholo lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mebuso ya Morena wa rona le ya Motlotsuwa wa hae; mme o tla busa ka ho sa feleng le kamehla.


Mme Tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme ha bonwa areka ya selekane sa wona ka tempeleng ya wona, mme ha eba le mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.


Lengeloi la bosupa la tshollela nkgo ya lona moyeng; mme lentswe le leholo la tswa tempeleng ya lehodimo, teroneng, le re: Ho etsahetse!


A re ho nna: Ngola, o re: Ho lehlohonolo ba memetsweng selallong sa lenyalo la Konyana. Yaba o re ho nna: Tsena ke dipolelo tsa nnete tsa Modimo.


Ngolla lengeloi la kereke e Efese; Ke tsena tse bolelwang ke ya tshwereng dinaledi tse supileng ka letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta;


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang ke tla mo fa ho ja sefate sa bophelo, se kahara paradeise ya Modimo.


Ho lehlohonolo, ho halalela ba nang le kabelo tsohong ya pele; lefu la bobedi ha le na matla hodima ba jwalo, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena ka dilemo tse sekete.


Ya dutseng teroneng a re: Bonang, ntho tsohle ke di etsa tse ntjha. A re ho nna: Ngola, hobane dipolelo tsena ke tsa nnete, di a tshepeha.


Mme Moya le monyaduwa ba re: Tlo! Mme ya utlwang a re: Tlo! Le ya nyorilweng a a tle. Mme ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.


E mong le e mong a newa diaparo tse tshweu; mme ba bolellwa hore ba phomole ho se hokae, ho fihlela ho phetheha bahlanka ba bang le bona, le banababo bona, ba neng ba tla bolawa jwaloka bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ