Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 14:11 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Mosi wa tlhokofatso ya bona o nyoloha ka ho sa feleng, mme ha ba na phomolo motshehare le bosiu, ba rapelang sebata le setshwantsho sa sona, le mang le mang ya amohelang letshwao la lebitso la sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mosi wa hlokofalo ya bona o nyoloha kamehla le mehla, mme barapedi ba sebata le ba setshwantsho sa sona ba ke ke ba eba le phomolo bosiu le motshehare, leha e le ba amohetseng letshwao la lebitso la sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Mosi wa tlhokofatso ya batho bao o tla foqohela hodimo kamehla le mehla. Ba kgumamelang sebatana le setshwantsho sa sona, le bohle ba fumanwang ba ena le letshwao la sona, ha ba ka ke ba phomola motsheare le bosiu.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Mosi wa tlhokofatso ya bona o nyoloha ka ho sa feleng, mme ha ba na phomolo motshehare le bosiu, ba rapelang sebata le setshwantsho sa sona, le mang le mang ya amohelang letshwao la lebitso la sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 14:11
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tloong ho nna, lona bohle ba kgathetseng, ba imelwang, mme ke tla le imolla.


Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae;


Bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.


Empa ho Mora o itse: Modimo, terone ya hao ke ya kamehla le mehla, lere la borena ba hao ke lere la ho loka.


Lengeloi la bosupa la letsa; mme ha utlwahala mantswe a maholo lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mebuso ya Morena wa rona le ya Motlotsuwa wa hae; mme o tla busa ka ho sa feleng le kamehla.


Se sebelisa matla ’ohle a sebata sa pele ka pel’a sona, ’me sa etsa hore lefatše le ba ahileng ho lona ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolaeang le ileng la fola.


Sa fuwa matla a ho etsa hore setshwantsho sa sebata se be le moya, hore setshwantsho sa sebata se bue, se etse hore bohle ba hanang ho kgumamela setshwantsho sa sebata ba bolawe.


Le hore ho se be motho ya ka rekang, leha e le ho rekisa, haese ya nang le letshwao, kapa lebitso la sebata, kapa palo ya lebitso la sona.


Lengeloi la boraro la ba latela, le ntse le bua ka lentswe le phahamileng, le re: Ekare ha motho a kgumamela sebata le setshwantsho sa sona, mme a amohela letshwao la hae phatleng ya hae, leha e le letsohong la hae,


Ba howa, ha ba bona mosi wa ho tjha ha wona, ba re: Ke motse ofe o tshwanang le motse o moholo oo?


Marena a lefatshe a febileng, a phela le yena ka monate, a tla mo llela, a mo llele, ha a bona mosi wa ho tjha ha hae.


Ba boela ba re: Haleluya. Mme mosi wa hae o nyoloha kamehla le mehla.


Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo sebata le moporofeta wa bohata ba leng teng, mme ba tla hlokofatswa bosiu le motsheare ka ho sa feleng.


Mme ha ho sa tla hlola ho eba bosiu teng; mme ha ba hloke lebone, leha e le lesedi la letsatsi; hobane Morena Modimo o ba bonesetsa: mme ba tla busa kamehla le mehla.


Ba re: Amen: Poko, le kganya, le bohlale, le teboho, le hlompho, le matla, le bonatla, di be ho Modimo wa rona kamehla le mehla. Amen.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ