Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 13:14 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Se kgelosa ba ahileng lefatsheng ka mehlolo eo se filweng matla a ho e etsa pontsheng ya sebata; sa bolella ba ahileng lefatsheng, hore ba etsetse sebata setshwantsho, se nang le leqeba la sabole, mme sa phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Sa thetsa ba ahileng lefatsheng ka mehlolo eo se filweng matla a ho e etsa pela sebata, sa bolella ba ahileng lefatsheng hore ba etsetse sebata, se neng se hlabilwe ka lerumo, sa ba sa pholoha, setshwantsho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Sa kgelosa baahi ba lefatshe ka mehlolo eo se dumeletsweng ho e etsa pontsheng ya sebatana sa pele. Sa ba bolella hore ba etse setshwantsho sa sebatana se ileng sa ntshwa leqeba ka sabole le hoja se ile sa phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Se kgelosa ba ahileng lefatsheng ka mehlolo eo se filweng matla a ho e etsa pontsheng ya sebata; sa bolella ba ahileng lefatsheng, hore ba etsetse sebata setshwantsho, se nang le leqeba la sabole, mme sa phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 13:14
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke yena ya hanyetsang, ya iphahamisang kahodimo ho tsohle tse bitswang Modimo, kapa tse kgumamelwang; hoo yena jwaloka Modimo a dutseng tempeleng ya Modimo, a iponahatsa e le Modimo.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, mothetsi wa lefatshe lohle, ya dihelwa; ya dihelwa fatshe, le mangeloi a yona.


Yaba ke ema hodima lehlabathe la lewatle, ka bona sebata se nyolohang lewatleng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome, mme dinakang tsa sona ho le meqhaka e leshome, mme dihloohong tsa sona ho le mabitso a nyefolo.


Sa fuwa matla a ho etsa hore setshwantsho sa sebata se be le moya, hore setshwantsho sa sebata se bue, se etse hore bohle ba hanang ho kgumamela setshwantsho sa sebata ba bolawe.


Mme bohle ba ahileng lefatsheng ba tla se kgumamela, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng ho tloha ho theweng ha lefatshe.


Mosi wa tlhokofatso ya bona o nyoloha ka ho sa feleng, mme ha ba na phomolo motshehare le bosiu, ba rapelang sebata le setshwantsho sa sona, le mang le mang ya amohelang letshwao la lebitso la sona.


Lengeloi la boraro la ba latela, le ntse le bua ka lentswe le phahamileng, le re: Ekare ha motho a kgumamela sebata le setshwantsho sa sona, mme a amohela letshwao la hae phatleng ya hae, leha e le letsohong la hae,


Ka bona ho kang lewatle la seipone le tswakilweng le mollo, mme ba hlotseng sebata, le setshwantsho sa sona, le letshwao la sona, le palo ya lebitso la sona, ba eme lewatleng la seipone ba nang le diharepa tsa Modimo.


Ka bona meya e meraro e ditshila, e kang dihoho, e etswa molomong wa drakone, le molomong wa sebata, le molomong wa moporofeta wa bohata.


Wa pele a ya, a tshollela nkgo ya hae lefatsheng; mme ha hlaha seso se bohloko, se bohloko hodima batho ba nang le letshwao la sebata, le ba kgumamelang setshwantsho sa sona.


Lebone la lebone ha le sa tla hlola le kganya ho wena ho hang; mme lentswe la monyadi le la monyaduwa ha le sa tla hlola le utlwahala ho wena; hobane lichaba tsohle li khelositsoe ke boloi ba hao.


Sebata sa tshwarwa, hammoho le moporofeta wa bohata, ya entseng mehlolo pela sona, eo ka yona a kgelositseng ba amohetseng letshwao la sebata, le ba kgumamelang setshwantsho sa sona. Bao ka bobedi ba akgelwa ba ntse ba phela letsheng la mollo o tukang sebabole.


O se ka wa boifa dilo tse o tla di bogang; bonang, Diabolo o tla latlhela bangwe ba lona mo ntlong ya kgolegelo gore lo lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho ka matsatsi a leshome: o tshepahale ho isa lefung, mme ke tla o nea moqhaka wa bophelo.


Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo sebata le moporofeta wa bohata ba leng teng, mme ba tla hlokofatswa bosiu le motsheare ka ho sa feleng.


Kahobane o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o boloka nakong ya moleko, o tlang ho tlela lefatshe lohle, ho leka ba ahileng lefatsheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ