Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 13:12 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Se sebelisa matla ’ohle a sebata sa pele ka pel’a sona, ’me sa etsa hore lefatše le ba ahileng ho lona ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolaeang le ileng la fola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Sa etsa ka matla wohle a sebata sa pele pontsheng ya sona, mme sa etsa hore lefatshe, le ba ahileng ho lona, ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolayang le neng le fodile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Sa sebedisa matla kaofela a sebatana sa pele, pontsheng ya sona. Sa etsa hore lefatshe le baahi ba lona ba kgumamele sebatana sa pele, seo leqeba la sona le ka bolayang le neng le se le fodile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Se sebelisa matla ’ohle a sebata sa pele ka pel’a sona, ’me sa etsa hore lefatše le ba ahileng ho lona ba rapele sebata sa pele, seo leqeba la sona le bolaeang le ileng la fola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 13:12
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke yena ya hanyetsang, ya iphahamisang kahodimo ho tsohle tse bitswang Modimo, kapa tse kgumamelwang; hoo yena jwaloka Modimo a dutseng tempeleng ya Modimo, a iponahatsa e le Modimo.


Sebata seo ke se boneng se ne se le jwaloka lengau, le maoto a sona eka maoto a bere, le molomo wa sona o le molomo wa tau;


Mme bohle ba ahileng lefatsheng ba tla se kgumamela, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng ho tloha ho theweng ha lefatshe.


Mosi wa tlhokofatso ya bona o nyoloha ka ho sa feleng, mme ha ba na phomolo motshehare le bosiu, ba rapelang sebata le setshwantsho sa sona, le mang le mang ya amohelang letshwao la lebitso la sona.


Lengeloi la boraro la ba latela, le ntse le bua ka lentswe le phahamileng, le re: Ekare ha motho a kgumamela sebata le setshwantsho sa sona, mme a amohela letshwao la hae phatleng ya hae, leha e le letsohong la hae,


Wa pele a ya, a tshollela nkgo ya hae lefatsheng; mme ha hlaha seso se bohloko, se bohloko hodima batho ba nang le letshwao la sebata, le ba kgumamelang setshwantsho sa sona.


Sebata seo o se boneng se ne se le teng, mme ha se yo; mme ba tla nyoloha sekoting, ba ye tahlehong: mme ba ahileng lefatsheng, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo haesale lefatshe le thewa, ba tla makala, ha ba bona sebata se neng se le teng, mme se le teng ha e yo, mme leha ho le jwalo e teng.


Sebata sa tshwarwa, hammoho le moporofeta wa bohata, ya entseng mehlolo pela sona, eo ka yona a kgelositseng ba amohetseng letshwao la sebata, le ba kgumamelang setshwantsho sa sona. Bao ka bobedi ba akgelwa ba ntse ba phela letsheng la mollo o tukang sebabole.


Yaba ke bona diterone, mme ba bang ba dula hodima tsona, ba filwe matla a ho ahlola; ka bona le meya ya ba kgaotsweng dihlooho ka baka la bopaki ba Jesu le ka baka la lentswe la Modimo, le ba sa kang ba kgumamela sebata, leha e le setshwantsho sa sona, ba sa kang ba amohela letshwao la sona diphatleng tsa bona le matsohong a bona; ba boela ba phela, mme ba busa le Kreste dilemo tse sekete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ