Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 12:4 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Mme mohatla wa yona o hulanya karolo ya boraro ya dinaledi tsa lehodimo, mme wa di lahlela lefatsheng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mohatla wa yona o ne o hulanya karolo ya boraro ya dinaledi tsa lehodimo, mme o ne o di lahlela lefatsheng. Drakone ya ema pela mosadi ya belehang, hore e tle e je ngwana hae ha a se a mmelehile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Ka mohatla wa yona e ne e hulanya karolo e le nngwe ho tse tharo ya dinaledi tsa lehodimo, mme ya di lahlela lefatsheng. Kganyapa ya fihla ya ema kapele ho mosadi ya makgatheng a ho beleha, e le hore e tle e kwenye ngwana wa hae hang hoba a belehuwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Mme mohatla wa yona o hulanya karolo ya boraro ya dinaledi tsa lehodimo, mme wa di lahlela lefatsheng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 12:4
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lona le ba ntata lona Diabolose, mme le rata ho etsa ditakatso tsa ntata lona. E ne e le mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane nnete ha e yo ho yena. Ha a bua leshano, o ipuella tsa hae, hobane ke ya leshano, mme ke ntata wona.


Le hlaphohelwe, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a potoloha jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang;


Ntwa ya eba teng lehodimong: Mikaele le mangeloi a hae ba lwana le drakone; ’me drakone ea loana le mangeloi a eona;


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, mothetsi wa lefatshe lohle, ya dihelwa; ya dihelwa fatshe, le mangeloi a yona.


Sebata seo ke se boneng se ne se le jwaloka lengau, le maoto a sona eka maoto a bere, le molomo wa sona o le molomo wa tau;


Ba kgumamela drakone, kahobane e neile sebata matla, mme ba kgumamela sebata, ba re: Ke mang ya tshwanang le sebata? ke mang ya ka tsebang ho mo lwantsha?


Ka bona meya e meraro e ditshila, e kang dihoho, e etswa molomong wa drakone, le molomong wa sebata, le molomong wa moporofeta wa bohata.


Mosadi eo o mmoneng ke motse o moholo o busang hodima marena a lefatshe.


La tshwara drakone, noha ya kgale, e leng Diabolose le Satane, la e tlama ka dilemo tse sekete;


Lengeloi la boraro la letsa terompeta, mme ha wa lehodimong naledi e kgolo, e tukang jwaloka lebone, mme ya wela hodima karolo ya boraro ya dinoka le hodima liliba tsa metsi.


Lebitso la naledi eo ke Lengana, mme karolo ya boraro ya metsi ya fetoha lengana; mme batho ba bangata ba eshwa ke metsi ao, hobane a ne a fetohile baba.


Lengeloi la bone la letsa terompeta, mme karolo ya boraro ya letsatsi ya otlwa, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi; hoo karolo ea boraro ea tsona e ileng ea fifala, ’me motšehare ha oa ka oa chabela karolo ea boraro ea oona, le bosiu ka ho tšoanang.


Lengeloi la pele la letsa terompeta, mme ha latela sefako le mollo o kopantsweng le madi, mme tsa akgelwa lefatsheng, mme karolo ya boraro ya difate ya cha, le jwang bohle bo botala ba cha.


Lengeloi la bobedi la letsa terompeta, mme ho kang thaba e kgolo e tukang mollo ya akgelwa lewatleng, mme karolo ya boraro ya lewatle ya fetoha madi;


Mme karolo ya boraro ya dibopuwa tse ka lewatleng, tse nang le bophelo, ya eshwa; mme karolo ya boraro ya dikepe ya timela.


E ne e na le mehatla e kang ya diphepheng, le mehatleng ya yona e na le mebolela, mme matla a yona e ne e le ho utlwisa batho bohloko ka dikgwedi tse hlano.


Hobane matla a tsona a melomong ya tsona le mehatleng ya tsona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ