Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 12:12 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ka baka leo, thabang, lona mahodimo, le lona ba ahileng ho wona. Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng! hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile hampe, kahobane a tseba hobane nako ya hae ha e sa le ekae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Thabang ke hona, mahodimo, le lona ba ahileng teng. Ho madimabe lona ba ahileng lefatsheng le lewatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ya hae ha e sa le ekae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Kahoo thabang, lona mahodimo, le lona ba ahileng ho wona. Ho madimabe lona lefatshe le lewatle, hobane Diabolosi o theohetse ho lona ka bohale bo boholo, a tseba hore nako ya hae e se e le kgutshwanyane.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Ka baka leo, thabang, lona mahodimo, le lona ba ahileng ho wona. Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng! hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile hampe, kahobane a tseba hobane nako ya hae ha e sa le ekae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 12:12
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke re ho lona: Ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang.


Kganya e be ho Modimo mahodimong, kgotso e be lefatsheng ho batho bao a ba ratang.


Hobane ho se ho se hokae, mme ya tlang o tla tla, mme a ke ke a dieha.


Empa, baratuoa, le se ke la hloka tsebo tabeng ena, hore letsatsi le le leng ho Morena le joaloka lilemo tse sekete, le lilemo tse sekete li joaloka letsatsi le le leng.


Mme a hlapanya ka ya phelang ka ho sa feleng, ya hlodileng lehodimo, le tse ho lona, le lefatshe, le tse ho lona, le lewatle, le tse ho lona, hore nako e ke ke ya hlola e eba teng nako e telele:


Mme ba ahileng lefatsheng ba tla thaba ka baka la bona, ba nyakalle, ba romelane dimpho; hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba hlokofatsa ba ahileng lefatsheng.


Bomalimabe ba bobeli bo fetile; mme bonang, bomalimabe ba boraro bo tla kapele.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, mothetsi wa lefatshe lohle, ya dihelwa; ya dihelwa fatshe, le mangeloi a yona.


Sa ahlamisa molomo wa sona ho nyefola Modimo, le ho nyefola lebitso la wona, le tabernakele ya wona, le ba ahileng mahodimong.


O thabele lona, lehodimo, le lona baapostola ba halalelang, le lona baporofeta; hobane Modimo o le pheteditse ho yona.


Ka tadima, mme ka utlwa lengeloi le fofang mahareng a lehodimo, le bua ka lentswe le phahameng, le re: Ho madimabe, ho madimabe, ho madimabe ba ahileng lefatsheng ka baka la mantswe a mang a terompeta ya mangeloi a mararo a sa ntseng a le teng ho utloahala!


Bomalimabe bo le bong bo fetile; mme bonang, bomalimabe bo bong hape ba babedi bo tla kamorao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ