Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 11:19 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 Mme Tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme ha bonwa areka ya selekane sa wona ka tempeleng ya wona, mme ha eba le mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Mme tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme areka ya selekane sa wona ya bonahala tempeleng ya wona; mme ha hlaha mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 Mme Tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme ha bonwa areka ya selekane sa wona ka tempeleng ya wona, mme ha eba le mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 11:19
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka yona nako eo ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, mme karolo ya leshome ya motse ya wa, mme tshisinyehong eo ha bolawa batho ba dikete tse supileng, mme ba setseng ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo wa lehodimo.


Lengeloi la bosupa la letsa; mme ha utlwahala mantswe a maholo lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mebuso ya Morena wa rona le ya Motlotsuwa wa hae; mme o tla busa ka ho sa feleng le kamehla.


Mme ha hlaha mohlolo o moholo lehodimong; mosadi ya apereng letsatsi, kgwedi e le katlasa maoto a hae, mme hloohong ya hae a rwetse moqhaka wa dinaledi tse leshome le metso e mmedi.


Yaba ke utlwa lentswe le leholo le tswang tempeleng, le re ho mangeloi a supileng: Eyang, le tshollele lefatshe dinkgo tsa bohale ba Modimo.


Mme ha eba le mantswe, le diaduma, le mahadima; mme ga nna thoromo e kgolo ya lefatshe, e e iseng e ko e tsamaye e nne teng, e sale batho ba nna mo lefatsheng, thoromo e e kalo ya lefatshe, e e kalo.


Sefako se seholo, se boima ba dikilo tse mashome a mane se ne se etswa lehodimong, sa wela hodima batho; hobane kotlo ya teng e ne e le kgolo ka ho fetisisa.


Ka bona lehodimo le bulehile, mme ka bona pere e tshweu; mme ya e kaletseng o ne a bitswa Motshepehi le Wa nnete, mme o ahlola ka ho loka, mme a loane.


Kamora tseo, ka tadima, mme ka bona monyako o butswe lehodimong, mme lentswe la pele leo ke ileng ka le utlwa le ne le bua le nna, le kang la terompeta; a re: Nyolohela kwano, mme ke tla o bontsha tse tlang ho etsahala kamora tsena.


Teroneng ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe, le dilampi tse supileng tsa mollo tse tukang pela terone, e leng Meya e supileng ya Modimo.


Ke ka baka leo ba leng pela terone ya Modimo, ba o sebeletsang motshehare le bosiu tempeleng ya wona;


Lengeloi la nka pitsa ya mokubetso, la e tlatsa ka mollo wa aletare, mme la e lahlela lefatsheng, mme ha eba le mantswe, le diaduma, le mahadima, le tshisinyeho ya lefatshe.


Lengeloi la pele la letsa terompeta, mme ha latela sefako le mollo o kopantsweng le madi, mme tsa akgelwa lefatsheng, mme karolo ya boraro ya difate ya cha, le jwang bohle bo botala ba cha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ