Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 11:13 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Ka yona nako eo ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, mme karolo ya leshome ya motse ya wa, mme tshisinyehong eo ha bolawa batho ba dikete tse supileng, mme ba setseng ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo wa lehodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ka nako yona eo, tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng; karolo ya leshome ya motse ya heleha tshisinyehong eo, batho ba dikete tse supileng ba eshwa; mme ba bang ba tshwarwa ke ho thothomela, mme ba isa kganya ho Modimo wa lehodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Ka yona nako eo ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe: karolo e le nngwe ho tse leshome ya motse ya heleha, mme tshisinyeho eo ya bolaya batho ba dikete tse supileng. Ba setseng ba tshoha haholo, mme ba tlotlisa Modimo wa lehodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Ka yona nako eo ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe, mme karolo ya leshome ya motse ya wa, mme tshisinyehong eo ha bolawa batho ba dikete tse supileng, mme ba setseng ba tshoha, mme ba tlotlisa Modimo wa lehodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 11:13
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba boela ba bitsa monna ya neng a foufetse, ba re ho yena: “Rorisa Modimo;


Matsatsing ao Petrose a ema hara barutuwa, a re: (palo ya mabitso e batla e ka ba lekgolo le mashome a mabedi).


Eitse hobane ho fete matsatsi a mararo le halofo, Moya wa bophelo o tswang ho Modimo wa kena ho bona, mme ba ema ka maoto a bona; mme tshabo e kgolo ya wela ba ba bonang.


Mme Tempele ya Modimo ya bulwa lehodimong, mme ha bonwa areka ya selekane sa wona ka tempeleng ya wona, mme ha eba le mahadima, le mantswe, le diaduma, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se seholo.


La re ka lentswe le phahamileng: Tshabang Modimo, le o tlotlise; hobane nako ya kahlolo ya hae e tlile, mme le kgumamele ya entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le didiba tsa metsi.


Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena, mme a tlotlisa lebitso la hao? hobane ke wena o nnotshi o halalelang: hobane ditjhaba tsohle di tla tla, di kgumame pela hao; hobane dikahlolo tsa hao di bonahatswa.


A re thabeng, re nyakalle, mme re mo tlotlise, hobane lenyalo la Konyana le tlile, mme mosadi wa yona o itokisitse.


O na le mabitso a seng makae le Sarda ba sa kang ba silafatsa diaparo tsa bona; mme ba tla tsamaya le nna ba apere bosweu, hobane ba tshwaneleha.


Ka tadima ha e manolla tiiso ya botshelela, mme, bonang, ha eba le tshisinyeho e kgolo ya lefatshe; letsatsi la fifala jwaloka lesela la mokotla le boya, mme kgwedi ya eba jwaloka madi;


Lengeloi la nka pitsa ya mokubetso, la e tlatsa ka mollo wa aletare, mme la e lahlela lefatsheng, mme ha eba le mantswe, le diaduma, le mahadima, le tshisinyeho ya lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ