Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Tshenolo 1:20 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng; mme dikandelare tse supileng tseo o di boneng, ke dikereke tse supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ha e le sephiri sa dinaledi tse supileng, tseo o di boneng ka letsohong la ka le letona, le sa didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng, ke sena: Dinaledi tse supileng ke baruti ba dikereke tse supileng, le didulwana tsa mabone tse supileng ke dikereke tseo tse supileng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Tshenolo 1:20
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A araba, a re ho bona: Ke hobane le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.


A re: Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa Modimo; gore go bona ba se bone, le ge ba ekwa ba se ke ba kwešiša.


Bana beso, ha ke rate hore le hloke tsebo ya sephiri sena, esere la ipona le le ba bohlale; hore bofofu bo hlahetse Iseraele ka nqa e nngwe, ho fihlela botlalo ba Baditjhaba bo kena.


A re: Ke nna Alfa le Omega, wa pele le wa morao, mme o re: Seo o se bonang, o se ngole bukeng, o se romele ho dikereke tse supileng tse Asia; le Efese, le Smyrna, le Pergame, le Thiatire, le Sarda, le Filadelfia, le Laodisea.


Ka letsohong la hae le letona o ne a tshwere dinaledi tse supileng, mme molomong wa hae ho ne ho etswa sabole e bohale, e leoditsweng ka nqa tse pedi;


Johanne ke ngolla dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya neng a le teng, ya tlang ho tla; le ho Meya e supileng e pela terone ya hae;


Phatleng ya hae ho ne ho ngodilwe lebitso la sephiri, Babylona e Moholo, mme wa diotswa le wa manyala a lefatshe.


Lengeloi la re ho nna: O makaletseng? Ke tla o bolella sephiri sa mosadi, le sa sebata se mo jereng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome.


Ngolla lengeloi la kereke e Efese; Ke tsena tse bolelwang ke ya tshwereng dinaledi tse supileng ka letsohong la hae le letona, ya tsamayang hara dikandelare tse supileng tsa kgauta;


Ngolla lengeloi la kereke e Pergame; Ke tsena tse bolelwang ke ya tshwereng sabole e leoditsweng ka nqa tse pedi;


Ngolla lengeloi la kereke ya Thiatire; Ke tsena tse bolelwang ke Mora wa Modimo, eo mahlo a hae a leng jwaloka kgabo ya mollo, le maoto a hae a leng jwaloka koporo e benyang;


Hopola moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ho seng jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake.


Ngolla lengeloi la kereke ya Smyrna; Ke tsena tse bolelwang ke wa pele le wa morao, ya neng a shwe, mme a phela;


Ngolla lengeloi la kereke ya Sarda; Ke tsena tse bolelwang ke ya nang le Meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng; Ke tseba mesebetsi ya hao, hore o na le lebitso la ho phela, athe o shwele.


Ngolla lengeloi la kereke ya Laodisea; Ke tsena tse bolelwang ke Amen, paki e tshepehang, ya nnete, qalo ya dibopuwa tsa Modimo;


Ngolla lengeloi la kereke e Filadelfia; Ke tsena tse bolelwang ke Ya halalelang, wa nnete, ya tshwereng senotlolo sa Davida, ya bulang, ho se ya kwalang; mme ha a kwala, mme ha ho ya bulang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ