Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 8:38 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

38 Mang kapa mang ya tla hlajwa ke dihlong ka nna le ka dipolelo tsa ka molokong ona o mofebi, o moetsadibe. Mora motho le yena o tla hlajwa ke dihlong ka yena, mohla a tlang ka kganya ya Ntatae a ena le mangeloi a halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Hobane ya hlajwang ke dihlong ka nna le ka ditaba tsa mohla a tlang ka kganya ka, pela moloko wona o mofebi, o moetsadibe, le yena Mora motho o tla mo hlabelwa ke dihlong, mohla a tlang ka kganya ya Ntatae hammoho le mangeloi a halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

38 Mang le mang ya tla hlajwa ke dihlong ka baka la ka, le ka lebaka la dipolelo tsa ka, molokong ona wa bakwenehi, wa baetsadibe, le Mora Motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae ha a etla ka tlotla ya Ntatae, a ena le mangeloi a halalelang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

38 Mang kapa mang ya tla hlajwa ke dihlong ka nna le ka dipolelo tsa ka molokong ona o mofebi, o moetsadibe. Mora motho le yena o tla hlajwa ke dihlong ka yena, mohla a tlang ka kganya ya Ntatae a ena le mangeloi a halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 8:38
44 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa a araba, a re ho bona: Moloko o kgopo, o mofebi, o batla pontsho; mme ha o ka ke wa newa mohlolo, haese pontsho ya moporofeta Jonase.


Mora motho o tla roma mangeloi a hae, mme a tla bokella ho tswa mmusong wa hae tsohle tse kgopisang le ba etsang bokgopo;


Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.


Moloko o kgopo, o mofebi, o batla pontsho; mme ha o ka ke wa newa mohlolo, haese pontsho ya moporofeta Jonase. A ba tlohela, a ikela.


Ke moo pontsho ya Mora motho e tla hlaha lehodimong, mme meloko yohle ya lefatshe e tla lla, mme e tla bona Mora motho a etla ka maru a lehodimo ka matla le kganya e kgolo.


Mohla Mora motho a tlang ka kganya ya hae, a ena le mangeloi a halalelang kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.


Jesu a re ho yena: Diphokojwe di na le mesima, le dinonyana tsa lehodimo di na le dihlaha; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hlooho teng.


Jwale ba tla bona Mora motho a etla ka maru ka matla a maholo le kganya.


Kapa motho a ka fana ka eng bakeng sa bophelo ba hae?


Hobane ke re ho lona: E mong le e mong ya nang le ntho o tla newa; mme ya se nang letho, le seo a nang le sona o tla amohuwa.


Hobane e mong le e mong ya hlajwang ke dihlong ka nna le ka dipolelo tsa ka, Mora motho o tla hlajwa ke dihlong ka baka la hae, mohla a tlang ka kganya ya hae, le ya Ntatae, le ya mangeloi a halalelang.


Lentswe le ne le etswe nama, la aha hara rona, mme ra bona kganya ya lona, kganya e kang ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate, a tletse mohau le nnete.


A re ho yena: “Kannetenete ke re ho lona: Ho tloha jwale le tla bona lehodimo le phetlehile, le mangeloi a Modimo a nyoloha a bile a theohela hodima Mora motho.


Letshwele la mo araba, la re: “Re utlwile Molaong hore Kreste o tla hlola ka ho sa feleng; Mora motho enwa ke mang?


O mo neile matla a ho ahlola, hobane ke Mora motho.


Ba re: Kornele, molaodi wa lekgolo, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya bolelwang ke setjhaba sohle sa Bajuda, o lemositswe ke Modimo ke lengeloi le halalelang, hore a romele hore o tle tlung ya hae, a tle a utlwe mantswe oa hao.


Yaba bona ba tloha kapele ho lekgotla, ba thabile hobane ba ne ba kailwe ba tshwanela ho hlomphollwa ka baka la lebitso la hae.


Hobane ha ke hlajwe ke dihlong ka Evangeli ya Kreste, hobane ke matla a Modimo a pholosang e mong le e mong ya dumelang; ho Mojuda pele, le ho Mogerike.


Empa ho mpe ho se be teng ho ka ithorisa, haese ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, seo ka sona lefatshe le thakgisitsweng ho nna, le nna ke thakgisitsweng ka nqeng ya lefatshe.


Hobane tshepo ya rona ke eng, kapa thabo ya rona, kapa moqhaka oo re ithorisang ka wona? Na hase lona le lona pela sefahleho sa Morena wa rona Jesu Kreste ho tleng ha hae na?


A tle a tiise dipelo tsa lona, le hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang le bahalaleli bohle ba hae.


Morena a hauhele ba ntlo ya Onesiforase; hobane o nkhopolotse hangata, mme ha a ka a hlajwa ke dihlong ka diketane tsa ka.


Ka baka leo, o se ke wa hlajwa ke dihlong ka bopaki ba Morena wa rona, leha e le ka nna motshwaruwa wa hae;


Empa jwale ba lakatsa lefatshe le fetisang ka molemo, ke ho re, la lehodimo;


a nka sekgobo sa Kreste e le monono o fetisang matlotlo a Egepeta, hobane o ne a tadimile moputso.


Ka baka leo, a re tsweleng ho yena kantle ho diahelo, re jere sekgobo sa hae.


Lona bafebi, na ha le tsebe hoba setswalle sa lefatshe ke bora ho Modimo? ka hona, e mong le e mong ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe, ke sera sa Modimo.


E mong le e mong ya latolang Mora, le yena ha a na Ntate; (empa) ya bolelang Mora o na le yena le Ntate.


Mme jwale, bana ba banyenyane, le nne ho yena; e le hore, mohla a hlahang, re be le tshepo, mme re se ke ra hlajwa ke dihlong pela hae, ho tleng ha hae.


Eo o tla noa veine ea khalefo ea Molimo, e tšetsoeng ntle le motsoako ka senoelong sa khalefo ea hae; mme o tla hlokofatswa ka mollo le sebabole pontsheng ya mangeloi a halalelang, le pontsheng ya Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ