Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 8:34 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Eitse hobane a biletse bongata ho yena le barutuwa ba hae, a re ho bona: E mong le e mong ya ratang ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Yare hobane a biletse bongata le barutuwa ba hae ho yena, a re ho bona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya ratang ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

34 A bitsa letshwele le barutuwa ba hae, a re ho bona: “Haeba motho a rata ho ntatela, a itele, a jare sefapano sa hae, mme a ntatele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

34 Eitse hobane a biletse bongata ho yena le barutuwa ba hae, a re ho bona: E mong le e mong ya ratang ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 8:34
43 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le ya sa nkeng sefapano sa hae, mme a ntatela, ha a ntshwanela.


Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Ekare ha motho a rata ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntatele.


Yare ha ba etswa, ba fumana monna wa Sirene, lebitso la hae e le Simone; ba mo qobella ho jara sefapano sa hae.


Jesu a mo tadima, a mo rata, a re ho yena: O haellwa ke ntho e le nngwe: eya, o rekise ka tsohle tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong; ’na.


Eitse hobane a bitse batho bohle ho yena, a re ho bona: Nmameleng e mong le e mong wa lona, mme le utlwisise.


Ikitlaetseng ho kena ka monyako o patisaneng; hobane ke a le bolella, ba bangata ba tla batla ho kena, empa ba tla sitwa.


Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong wa lona ya sa lahleng tsohle tseo a nang le tsona, a ke ke a ba morutuwa wa ka.


Yare ha Jesu a utlwa taba tseo, a re ho yena: O sa haellwa ke ntho e le nngwe: Rekisa ka tsohle tseo o nang le tsona, o abele bafumanehi, mme o tla ba le letlotlo lehodimong;


Yaba o re ho barutuwa ba hae, batho bohle ba ntse ba utlwa, a re:


A re ho bona bohle: Ekare ha motho a rata ho ntshala morao, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae ka tsatsi le leng le le leng, mme a ntatele.


Linku tsa ka li utloa lentsoe la ka, ’me kea li tseba, ’me lia ntatela.


Yaba a jere sefapano sa hae, a ya nqalong e bitswang Lehata, e bitswang, ka Seheberu, Golgotha.


Ba tiisa meya ya barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, le hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Hobane re ntse re tseba hobane botho ba rona ba kgale bo thakgisitswe le yena, hore mmele wa sebe o tle o timetswe, re tle re se ke ra hlola re sebeletsa sebe.


Mme ha re le bana, ke majalefa; majalefa a Modimo, majalefa mmoho le Kreste; ha ekaba re utlwa bohloko le yena, re tle re tlotliswe le yena.


Ke bolela ka boithobollo boo ke nang le bona ho Jesu Kreste, Morena wa rona, ka tsatsi le leng le le leng.


Ka baka leo, ha sejo se kgopisa ngwaneso, nke ke ka ja nama ho fihlela lefatsheng, ke tle ke se ke ka kgopisa ngwaneso.


Hobane le hoja ke lokolohile ho batho bohle, ke ikentse mofo wa bohle, hore ke rue ba bangata.


Ke thakgisitswe le Kreste; leha ho le jwalo, e seng nna, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna: mme bophelo boo ke bo phelang jwale nameng, ke bo phela ka tumelo ya Mora wa Modimo, ya nthatileng, a ba a inehela bakeng sa ka.


Mme ba e leng ba Kreste ba thakgisitse nama le dithato le ditakatso.


Empa ho mpe ho se be teng ho ka ithorisa, haese ka sefapano sa Morena wa rona Jesu Kreste, seo ka sona lefatshe le thakgisitsweng ho nna, le nna ke thakgisitsweng ka nqeng ya lefatshe.


Hore ke tle ke mo tsebe, le matla a tsoho ya hae, le kopano ya mahloko a hae, ke tle ke tshwantshe le lefu la hae;


Empa tseo e neng e le leruo ho nna, ke di entse tshenyehelo ka baka la Kreste.


Ke thabile jwale mahlokong a ka ka baka la lona, mme nameng ya ka ke tlatsa se saletseng mahlokong a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke;


Ke gone bolayang ditokololo tsa lona tse di mo lefatsheng; bofebe, le ditshila, le ditakatso tse ditshila, le ditakatso tse mpe, le meharo, e leng borapedi ba ditshwantsho;


Hobane re utlwa hore ho na le ba bang hara lona ba tsamayang ka ho hloka taolo, ba sa sebetse ho hang, empa ba itshwenya.


E re ruta hore re lahle bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, mme re phele ka kelello, ka ho loka, le ka borapedi, lefatsheng lena;


Ka baka leo, a re tsweleng ho yena kantle ho diahelo, re jere sekgobo sa hae.


Erekaha Kreste a utlwisitse bohloko nameng ka baka la rona, le lona le itlhomelle ka kelello e tshwanang;


Empa thabang, kahobane le bile le kabelo mahlokong a Kreste; hore mohla kganya ya hae e bonahatswang, le tle le thabe ka thabo e fetisisang.


ke ntse ke tseba hore haufinyane ke tlameha ho tlosa tabernakele ea ka, feela joalokaha Morena oa rōna Jesu Kreste a ile a mpontša.


Seo re lemohileng lerato la Modimo ka sona, ke hobane o re teletse bophelo ba hae;


O se ka wa boifa dilo tse o tla di bogang; bonang, Diabolo o tla latlhela bangwe ba lona mo ntlong ya kgolegelo gore lo lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho ka matsatsi a leshome: o tshepahale ho isa lefung, mme ke tla o nea moqhaka wa bophelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ