Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Mareka 5:23 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 A mo rapela haholo, a re: “Moralinyana wa ka o haufi le ho shwa mme o tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 a mo rapela haholo, a re: Ngwanana wa ka o se a le makgatheng a ho shwa; ako tle, o mmee matsoho hodimo, a tle a fole, mme o tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 a mo rapela haholo, a re: “Moradi wa ka o lekgatheng la ho shwa; ako tle, o mmee matsoho, hore a tle a fole, mme a phele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 A mo rapela haholo, a re: “Moralinyana wa ka o haufi le ho shwa. mme o tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Mareka 5:23
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a otlolla letsoho, a mo ama, a re: Ke a rata; o hlweke. Mme lepera la hae hanghang la ntlafala.


Ba tla tshwara dinoha; mme leha ba nwele ntho e bolayang, e ke ke ya ba etsa letho; ba tla bea matsoho hodima ba kulang, mme ba tla fola.


Jesu a ya le yena; mme bongata bo boholo ba mo latela, ba mo petetsa.


Ba leleka batemona ba bangata, ba tlotsa ba kulang ka oli, mme ba ba fodisa.


Ba tlisa ho yena motho ya sa utlweng ditsebeng, ya thibaneng puo; mme ba mo rapela ho bea letsoho la hae hodima hae.


A tshwara sefofu ka letsoho, a se isa kantle ho motse; a tshwela ka mathe mahlong a sona, a se bea matsoho hodima sona, a se botsa hore na o bona ho hong.


A mmea matsoho; mme a phakisa a otloloha, a tlotlisa Modimo.


Yaba o tloha sinagogeng, o kena tlung ya Simone. Mme mohwehadi wa Simone o ne a tshwerwe ke feberu e kgolo; mme ba mo qela ho yena.


Yare ha letsatsi le dikela, bohle ba nang le ba kulang ba tshwerweng ke malwetse a mefutafuta ba ba tlisa ho yena; a bea e mong le e mong matsoho a hae, a ba fodisa.


Eitse ha a atamela kgoro ya motse, a bona ho jerwe mofu, e le mora a le mong wa mmae, eo e neng e le mohlolohadi, mme letshwele le leholo la motse le ne le ena le yena.


Ka baka leo, dikgaitsedi tsa hae tsa romela ho yena, tsa re: Morena, bona, eo o mo ratang o a kula.


Eitse ha ntata Publiase a robetse, a tshwerwe ke feberu le ke phallo ya madi; Pauluse a kena ho yena, a rapela, a mmea matsoho hodima hae, a mo fodisa.


Ba ba bea pela baapostola, mme hoba ba rapele, ba ba bea matsoho.


Yaba ba ba bea matsoho, mme ba amohela Moya o Halalelang.


O bone ka pono monna ya bitswang Ananiase a kena, a mmea letsoho hore a boele a bone.


Ananiase a ikela, a kena tlung; mme a bea matsoho a hae hodima hae, a re: “Saule, Moena, Morena, Jesu, ya iponahaditseng ho wena tseleng eo o tlileng ka yona, o nthomile, hore o tle o boele o bone, mme o tlale Moya o Halalelang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ